Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Liholo tse ncha Tsa ’Muso li hahuoa ka thuso ea Likomiti Tsa Kaho Tsa Mabatooa tse 28 tse mafolofolo le ka thuso ea baithaopi tsa tsoang tšimong ea rōna. Morao tjena liphutheho tse ling tse hlano li ile tsa thabela ho neheloa ha Liholo tsa tsona Tsa ’Muso: Bhoboyi (Port Shepstone), Bhala (haufi le Flagstaff), Tshepisong (ka boroa ho Krugersdorp), Tshiame (Harrismith) le Umbumbulu (Durban).
Re thaba le liphutheho tsena hobane joale li se li kopanela libakeng tse tšoanelehang ho bitsoa ka lebitso la Jehova ’me re leboha ho menahane bohle ba ileng ba kopanela mosebetsing ona oa kaho.