Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/07 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 12 November
  • Beke e Qalang ka la 19 November
  • Beke e Qalang ka la 26 November
  • Beke e Qalang ka la 3 December
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 11/07 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 12 November

Pina ea 59

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa November 15 le Tsoha! ea November. Pontšong ka ’ngoe, limakasine li lokela ho tsamaisoa li le peli, le hoja ho buelloa e le ’ngoe feela.

15 mets: “Silevera ke ea ka, le Khauta ke ea ka.” Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa November 1, 2007, leqepheng la 17-21.

20 mets: “Le Tsamaee Joaloka Batho ba Bohlale.”a Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba bale le ho hlalosa mangolo a bontšitsoeng.

Pina ea 192

Beke e Qalang ka la 19 November

Pina ea 109

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Bolela sengoliloeng se tsamaisoang ka December, ’me u lokisetse hore ho be le pontšo e le ’ngoe.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “U se ke ua Tsila-tsila!”b Ha ho tšohloa serapa sa 5, kopanyelletsa le litlhaloso tse tsoang ho ba ithutileng le batho bao hona joale ba leng ’neteng. Ho khanna thuto ea Bibele e hatelang pele ho thabisa joang ebile ho ruisa molemo joang? Ho ka lokisetsoa tlhaloso e le ’ngoe kapa tse peli esale pele.

Pina ea 96

Beke e Qalang ka la 26 November

Pina ea 172

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa November. Babatsa bohle ba ileng ba kopanela phutuhong ea tšimo e sa abuoang ’me u tsebise phutheho ka se finyeletsoeng. Ha nako e lumela, buisana le ba bang ba ileng ba kopanela mosebetsing ona. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa December 1 le Tsoha! ea December.

15 mets: Na U ka Atolosa Lerato la Hao? Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa January 1, 2007, leqepheng la 9-11.

20 mets: Bacha—Le ka Rorisa Jehova Joang? Tšohla Molula-Qhooa oa June 15, 2005, leqepheng la 26-8, lirapa 15-19, u sebelisa lipotso tsa thuto eo. Ha le tšohla serapa sa 18, kōpa bacha ba leng teng hore ba bolele kamoo ba ileng ba pakela liithuti le matichere sekolong.

Pina ea 5

Beke e Qalang ka la 3 December

Pina ea 77

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba Lebokose la Lipotso.

15 mets: Sekolo Seo Liithuti Tsa Sona li Ruisang Batho Molemo Lefatšeng ka Bophara. Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa November 15, 2006, leqepheng la 10-13. Kopanyelletsa le puisano e khutšoanyane le baholo leha e le bafe kapa bahlanka ba sebeletsang ka phuthehong ba kileng ba ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Sekolo seo se ba thusitse joang hore ba hatele pele e le baevangeli, balisa le mesuoe? Khothalletsa barab’abo rōna ba tšoanelehang hore ba nahane ka ho ipehela pakane ea ho ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.

15 mets: “Re Bolella ba Bang ka Tšepo ea Rōna ea ’Muso.”c Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a bontšitsoeng.

Pina ea 173

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela