Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 31 December, 2007. Molebeli oa Sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 5 November ho ea ho la 31 December , 2007.
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Re lokela ho hopola lintlha life ho tiisa hore re phetha puo ka katleho? [be-SU leq. 220 ser. 4–leq. 221 ser. 3]
2. Re ka nepisisa joang hore seo re se buang tšebeletsong ea tšimo se nepahetse? [be-SU leq. 223 lir. 2-4]
3. Lipuong tseo re fanang ka tsona libokeng tsa phutheho, re ka bontša joang hore rea hlokomela hore phutheho ke “tšiea le setšehetso sa ’nete”? (1 Tim. 3:15) [be-SU leq. 224 lir. 1-4]
4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re hlahlobe hore re fana ka boitsebiso bo ka tšeptjoang, ’me re ka ho etsa joang? [be-SU leq. 225 lir. 1-2]
5. Ha re ruta, re ka nolofatsa taba eo re buang ka eona joang e le hore ba bang ba e utloisise? [be-SU leq. 226 ser. 3–leq. 227 ser. 2]
PUO EA 1
6. Ho na le bopaki bofe ba hore tlaleho ea Jonase ke ’nete? [si-SU leq. 153 ser. 3]
7. Ke boprofeta bofe ba Mikea bo lumellanang le hore Kreste Jesu o tla busa e le morena ’Musong oa Molimo? [si-SU leq. 158 ser. 18]
8. Ke eng e pakang hore buka ea Habakuke e bululetsoe ke Molimo? [si-SU leq. 161 ser. 4]
9. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore ka 520 B.C.E. Bajuda ba ne ba ntse ba e-s’o phethe morero oa ho khutla ha bona botlamuoeng? (Hag. 1:4) [si-SU leq. 166 ser. 3]
10. Nako le nako Zakaria o bua ka letsatsi lefe le khanyang? [La 24 Dec., si-SU leq. 172 ser. 26]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Boprofeta ba Joele bo mabapi le ho hlasela ha likokoanyana bo ile ba phethahala joang lekholong la pele la lilemo, ’me bo phethahala joang kajeno? (Joele 2:1-10, 28) [w07-SU 10/1 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō tsa Buka ea Joele le ea Amose”]
12. “Baskete ea litholoana tsa lehlabula” e ne e tšoantšetsa’ng? (Amose 8:1, 2) [w07-SU 10/1 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō tsa Buka ea Joele le ea Amose”]
13. Ke ka kutloisiso efe Jehova a ileng ‘a ikutloa a soabile ka lebaka la tlokotsi eo a neng a e buile mabapi le Baninive,’ ’me see se lokela ho re ama joang? (Jonase 3:10) [w03-SU 7/15 maq. 17-18]
14. Ho tsamaea ka lebitso la Jehova ho bolela’ng? (Mik. 4:5) [w03-SU 8/15 leq. 17 ser. 19]
15. Mehleng ea kajeno Jehova o ile a tla “tempeleng” ea hae neng ho tla ahlola? (Mal. 3:1-3) [re-SU lebokose la leq. 32; jd-SU leq. 180 ser. 3–leq. 181 ser. 6]