Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. January: Bukana ea Le Lule le Lebetse! Haeba le se na tsona setokong, le ka tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang. February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho tsa khoeli ea September, ea October le ea November ka la 1 December kapa kapele ka mor’a moo. Ha hoa lokela hore ho sebelisoe motho a le mong ho hlahloba liak’haonte ka makhetlo a latellanang. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, mohlomong ea tokiso kapa ea kaho, le eona e lokela ho hlahlojoa. Ha li se li hlahlobiloe, ho tsebisoe phutheho tlalehong e latelang ea liak’haonte. Liphutheho tse ngolisitsoeng e le Mekhatlo e Ruisang Sechaba Molemo (PBO) li kōptjoa hore ntle ho tieho li romele liak’haonte tsa tsona tsa likhoeli tsena tse tharo, ha li se li hlahlobiloe. Mongoli le mohlanka oa liak’haonte ba lokela ho tiisa hore liak’haonte li feletse li bile li hlophisehile le hore ba fane ka boitsebiso bo latelang: Leqephe la Liak’haonte (S-26), Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30), Lirasiti (S-24), maqetšoana a litšenyehelo le seteitemente sa banka sa khoeli ka ’ngoe (haeba phutheho e e-na le ak’haonte ea banka). Ngolang ka ho hlaka hore lintho tsena li ea Accounting Office—PBO Registration.
◼ Ka kōpo hlokomelang hore Sehopotso sa 2009 se tla ba ka Labone la la 9 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e etsoa nako e sa le teng e le hore barab’abo rōna ba ka etsa litokisetso tse hlokahalang tsa ho hira liholo kapa ho kena litumellanong tsa ho hira liholo tse fumanehang haeba ho e-na le liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me ho hlokahala hore ho fumanoe libaka tse ling. Maemong a joalo, baholo ba lokela ho etsa tumellano le baokameli ba sebaka ho tiisa hore ha ho na ho ba le litšitiso ka lebaka la lintho tse ling tse ka etsoang ka har’a mohaho e le hore Sehopotso se ka tsoela pele ka khotso le ka tsela e hlophisehileng.
◼ Ho entsoe litokisetso tsa hore ho be le kopano ea setereke ea Sevenda ea matsatsi a mabeli Holong ea Kopano ea Eikenhof ka la 22 le la 23, December 2007. Bahoeletsi bohle ba buang Sevenda ba Gauteng le libakeng tse haufi ba kōptjoa hore ba ee kopanong ena.
◼ Ka linako tse ling ofisi ea lekala e fumana likōpo tsa hore lingoliloeng li romeloe ka potlako. Re kōpa hore le se ke la romela likōpo tse potlakileng ntle le haeba le romeletsoe lingoliloeng lisele. Lingoliloeng tse tla tsamaisoa khoeling e itseng, liphutuhong tse khethehileng, tse tla ithutoa libokeng le liforomo, li phatlalatsoa nako e sa le teng. Haeba lintho li hlophisoa hantle, boholo ba likōpo tse potlakileng bo ka qojoa. Likōpo tse tloaelehileng tsa lingoliloeng, li lokela ho romeloa kapele khoeli le khoeli, le haeba ho hlokahala lintho tse seng kae feela.
◼ Ka bomalimabe ha ho na tokisetso ea hore barab’abo rōna ba late likōpo tsa lingoliloeng tsa liphutheho tsa habo bona Bethele. Phutheho ka ’ngoe e na le nako eo lingoliloeng tsa eona li pakoang ka eona ’me likōpo li romeloa ho latela kemiso ena. Kaha mosebetsi oa rōna o eketsehile re ke ke ra sebetsana le likōpo tse potlakileng hobane li kena-kenana le kemiso ea ho pakoa ha lingoliloeng. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ka ’na ba siea Literature Request Form (S-14) ha ba etetse Bethele.
◼ Liphutheho li ka qala ho kōpa Watchtower Library—2007 (cdly07). Ena ke kōpo e khethehileng ’me e etselitsoe litho tsa phutheho tse kolobelitsoeng ’me e fumaneha ka phutheho feela. Ha ea lokela ho fuoa motho e mong le e mong kapa ho fuoa batho ba mpang ba thahasella Lipaki Tsa Jehova. Watchtower Library—2007 e tla fumaneha ka Sechaena, Sechaena (Se Nolofalitsoeng), Sefora, Senyesemane le Sepotoketsi. Re kōpa hore le hlokomele hore cdly07-CH e tla akarelletsa lenaneo la cdly07 ka Sechaena le Sechaena (Se Nolofalitsoeng).
◼ Re kōpa hore le hlokomele hore Examining the Scriptures Daily—2008—Large Print (eslp08) ke khatiso e kōptjoang ka ho khetheha ’me e ke ke ea romeloa joaloka Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2008 (es08). Liphutheho li lokela ho e kōpa.
◼ Re hopotsa mongoli oa phutheho hore ka kōpo a arabe lengolo la la 1 October, 2007 le mabapi le likōpo tse khethehileng tsa limakasine tse eketsehileng bakeng sa mosebetsi o khethehileng o tla etsoa ka March, April le May 2008.
◼ Menehelo e kenngoang lebokoseng la Letlōle la Liholo Tsa ’Muso (KHF) e sebelisetsoa ho haha Liholo Tsa ’Muso tsa liphutheho tse ling. Menehelo ena e lokela ho romeloa ofising ea lekala khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Haeba phutheho ea lōna e ntse e lefa chelete ea kalimo ea ho haha Holo ea ’Muso, kapa e e-na le letlōle le ka thōko la Holo ea ’Muso la phutheho, menehelo ea lōna e lokela ho kenngoa lebokoseng le ngotsoeng “Menehelo ea Phutheho.”
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Lekunutu la Thabo ea Lelapa (fy)—Kwangali
◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:
Pursue Goals That Honor God (dvpsg)—Senyesemane
Respect Jehovah’s Authority (dvru)—Puo ea Matsoho ea Amerika
Warning Examples for Our Day (dvwx)—Puo ea Matsoho ea Amerika