Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/08 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 1/08 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka January: Bukana ea Le Lule le Lebetse! Haeba le se na tsona setokong, le ka tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang. February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!

◼ Kaha March e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano, e ka ba khoeli e ntle ea ho nka bopula-maliboho bo thusang.

◼ Puo e ncha ea phatlalatsa ea balebeli ba potoloho e tla ba le sehlooho se reng “U ka Fumana Thuso Hokae Nakong ea Mahlomola?” ’me e tla fanoa ho tloha ka February, kapa ka la 2 March haeba ba saletse morao.

◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng tsa ho tšoara Sehopotso selemong sena ka Moqebelo oa la 22 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka ’na ea qala pele letsatsi le likela, litšoantšetso tsona ha lia lokela ho fetisoa pele letsatsi le likela. Botsang sebakeng sa habo lōna hore na letsatsi le likela neng. Phutheho ka ’ngoe e lokela ho leka ho itšoarela Sehopotso sa eona. Leha ho le joalo, hase kamehla ho ka khonehang hore ho be joalo. Moo liphutheho tse ’maloa li tloaetseng ho sebelisa Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa tse ’maloa li ka sebelisa mohaho o mong mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso ea hore bonyane ho be le metsotso e 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka ba le monyetla o lekaneng oa ho thabela botsoalle ka mor’a Sehopotso. Hape ho lokela hore ho nahaneloe maemo a sephethephethe le ho paka likoloi, ho akarelletsa le ho theola batho le ho ba palamisa. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemohali sebakeng ka seng.

◼ Bangoli ba liphutheho ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba na le lengolo la ho khethoa ha pula-maliboho (S-202) bakeng sa pula-maliboho e mong le e mong oa kamehla phuthehong. Haeba ba se na lona, ba lokela ho ngola lengolo le tsebisang ofisi ea lekala.

◼ Bahlanka ba lingoliloeng ba bang ba botsitse hore na ba lokela ho romela Literature Request Form (S-14) neng e le hore lingoliloeng li fihle ka nako ka teraka. Ka kōpo hlahlobang kemiso ea hore na teraka e tla neng sebakeng sa lōna. Le lokela ho siea Literature Request Form depong bonyane letsatsi pele teraka e fihla. Balebeli ba li-depo ba lokela ho etsa bonnete ba hore ho na le sebaka se khethehileng seo ho siuuoang thepa ho sona. Mokhanni o tla nka Literature Request Form eo ’me, haeba lingoliloeng tse odariloeng li le teng setokong, li tla romeloa ka teraka e latelang. Teraka e tsamaea ka mor’a libeke tse ’nè ho isa ho tse hlano. Ke habohlokoa hore Literature Request Form e romeloe kamehla esita le haeba le odarile lingoliloeng tse seng kae feela. Haeba liphutheho li sa khone ho isa Literature Request Form depong ka nako, li lokela ho e posa hang-hang e le hore e fihle ofising ea lekala hong le teraka. Nakoana ka mor’a hore teraka e khutle, liodara lia sebetsoa ’me lingoliloeng lia pakoa bakeng sa teraka e latelang, le hoja e tla tsamaea ka mor’a libeke tse ’maloa. ◼ Balebeli ba okamelang ba lokela ho netefatsa hore palo ea Litšebeletso Tsa Rōna Tsa ’Muso tse tlang phuthehong e lekane phutheho, hape ho sale tse seng kae. Haeba li le ngata haholo, odara ea phutheho e lokela ho fokotsoa ho sebelisoa Foromo ea ho Odara Limakasine (M-202). Haeba li le nyenyane haholo, ho ka eketsoa odara. Mohoeletsi e mong le e mong o lokela ho ba le eona. Ba bang teng kamehla Sebokeng sa Tšebeletso ’me ba hahamalla ho kopanela tšebeletsong ea tšimo le bona ba lokela ho e fuoa. Etsang bonnete ba hore le boloka e ’ngoe bakeng sa laebrari ea Holo ea ’Muso. Batho ba khaotsoeng ba se ke ba fuoa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.—Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea February 1987.

◼ Re ananela maikutlo a lōna patlisisong e mabapi le ho hatisa Molula-Qhooa ka mongolo o moholo ka Seafrikanse, Sesotho le Sexhosa. Re lumeletsoe ho hatisa Molula-Qhooa ka mongolo o moholo ka Sesotho le Sexhosa, empa eseng ka Seafrikanse kaha palo ea ba o batlang ka puo eo ha ea lekana. Re tla sebelisa palo ea ba o kōpileng ha re romela liodara tsa pele. Liphutheho tse ling li ka etsa liodara ha ho hlokahala. Ka lebaka leo, haeba phutheho ea habo lōna e ngolisitse ha ho etsoa patlisiso, e tla romeloa Molula-Qhooa oa mongolo o moholo ka Sesotho le Sexhosa ho latela manane ao e bontšitseng hore ea a batla.

◼ Ka lebaka la hore ho tla ba le Khatiso e Ithutoang ea Molula-Qhooa oa Sevenda le Sekwanyama, ho tla hatisoa bukana e nang le lihlooho tse ithutoang tse sa kang tsa hatisoa khoeling ea December. Liphutheho tsohle tse fumanang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka Sevenda li tla romeloa bukana ena leha li sa e odara. Liphutheho tsohle tse fumanang Molula-Qhooa oa Sekwanyama le tsona li tla romeloa libukana tse lekaneng.

◼ Ho tloha bekeng ea la 4 August, 2008, re tla ithuta buka ea Lula U Hopola Letsatsi la Jehova Thutong ea Buka ea Phutheho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela