Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Re thabela ho tlaleha hore ho bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi Afrika Boroa, Botswana, Lesotho, Namibia, le Swaziland khoeling ea August 2007. E le ho finyella tlhōrō e ncha ea Botswana ea bahoeletsi ba 1 719 ho bile le keketseho ea 15 lekholong. Lesotho ho bile le keketseho ea 9 lekholong, ’me ho tlalehile bahoeletsi ba 3 378. Namibia ho bile le keketseho e ikhethang ea 22 lekholong, ’me ho tlalehile bahoeletsi ba 1 545! Afrika Boroa e finyeletse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 81 501, ’me lena ke lekhetlo la pele palo ea bahoeletsi e feta 80 000, athe Swaziland ho bile le keketseho ea 13 lekholong, ’me e finyeletse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2 579.
Mokhatlo o ananela haholo mosebetsi oo bahoeletsi bohle ba o etsang ka khothalo tšimong. Rea leboha ha le fana ka litlaleho tsa lōna tsa tšebeletso ea tšimo ka nako khoeli le khoeli. Sena se nolofalletsa mongoli oa phutheho ea lōna ho romela tlaleho e feletseng ofising ea lekala.