Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
Beke e Qalang ka la 12 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa May 1 le Tsoha! ea May.
15 mets: Re ka Hlōla Teko Leha e le Efe! Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa June 15, 2005, leqepheng la 30-1. Kōpa bahoeletsi ba seng bakae hore ba hlalose hore na Jehova o ile a ba thusa joang hore ba hlōle teko e itseng.
20 mets: Na U ka ba Pula-maliboho ea Thusang Likhoeling Tse Tlang? Puisano le bamameli. Tšohla lintlha tse leqepheng la 112-13 bukeng ea Ho Hlophisetsoa, tse bontšang se hlokahalang hore motho e be pula-maliboho ea thusang. Kōpa ba kileng ba nka lefi mosebetsing e le hore e ka ba bo-pula-maliboho ba thusang hore ba bolele mahlohonolo ao ba bileng le ’ona. Kōpa bao e kileng ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang nakong ea phomolo ea likolo hore ba hlalose kamoo ba bang ba ileng ba ba khothatsa le ho ba thusa kateng. Bopula-maliboho bo thusang bo ile ba ba thusa joang hore ba hatele pele moeeng? Ba ile ba thabisoa ke lintho life? Khothalletsa bohle ba tšoanelehang hore ba nahane ka ho nka bopula-maliboho likhoeling tse tlang.
Beke e Qalang ka la 19 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tšohla Lebokose la Lipotso.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
20 mets: “U ka Fumana Maruo!”a Bolela se hlokahalang hore motho e be pula-maliboho oa kamehla, joalokaha ho boletsoe leqepheng la 113-14 bukeng ea Ho Hlophisetsoa. Ba batlang ho bula maliboho ho tloha ka la 1 September ba lokela hore ba fane ka liforomo tsa bona tsa kōpo kapele kamoo ho ka khonehang.
Beke e Qalang ka la 26 May
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Hopotsa bahoeletsi ho fana ka litlaleho tsa tšimo tsa May. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, etsa pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa June 1 le Tsoha! ea June.
15 mets: “Jarang Joko ea Ka.”* Ha nako e lumela, kōpa bamameli hore ba hlalose mangolo a sa qotsoang.
20 mets: Tsamaisa buka ea Seo Bibele e se Rutang ka June. Puo le lipontšo. Tšohla tse ling tsa linehelano tse fanoeng e le mohlala kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2006. Akarelletsa le lipontšo tse peli. Bontša kamoo buka ena e ka tsamaisoang kateng le kamoo ho ka etsoang leeto la ho boela ka morero oa ho qalisa thuto ea Bibele.
Beke e Qalang ka la 2 June
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: Ba Etsang Liketso Tse Tšepahalang ba Fumana Litlhohonolofatso Tse Ngata. (Liprov. 28:20) Puo le puisano le bamameli e fanoang ke mongoli. Bontša kamoo Jehova a hlohonolofalitseng boiteko ba phutheho ba ho eketsa mosebetsi ka March, April, le May, ’me u e babatse. Bolela hore ke ba bakae bao e ileng ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang, hore na ho qaliloe lithuto tse kae tsa Bibele, le hore na ho finyeletsoe lintho life tse molemo tšebeletsong. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse amanang le Sehopotso le phutuho ea ho aba limemo. Ho ka etsoa lipontšo tsa se hlileng se etsahetseng liphihlelong tse ikhethang tsa tšebeletso ea tšimo. Buisana ka bokhutšoanyane le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ka mahlohonolo ao ba bileng le ’ona ha e le bo-pula-maliboho ba thusang.
15 mets: “U Lokele Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo.”b E-re bamameli ba bolele hore na ba lokisetsa tšebeletso ea ntlo le ntlo neng hona joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.
Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.