“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
1. Buka ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo” e hatisitsoe ka morero ofe?
1 Ruri re lebeletse ka cheseho ho ithuta buka e ncha ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo” Thutong ea Bibele ea Phutheho ho tloha bekeng ea la 23 February! Lengolo leo Sehlopha se Busang se le ngoletseng motho e mong le e mong ea ratang Jehova le phetha ka mantsoe ana: “Re na le tšepo e tiileng ea hore buka ena e tla u thusa hore u tsoele pele ho phela tumellanong le ’nete bophelong ba hao ’me kahoo u ipoloke ‘leratong la Molimo . . . ka tebello ea bophelo bo sa feleng.’—Juda 21.”
2. Buka ee e ncha e tla re thusa likarolong life tsa bophelo?
2 Seo re ka se Lebellang: Melao-motheo ea Bibele e sebetsa joang linthong tse kang metsoalle, boithabiso, ho hlompha bolaoli, mekhoa ea rōna, lenyalo, lipuo, le meetlo? Matsoalo a rōna a tla koetlisoa ka melao e phahameng ea ho loka e boletsoeng Lentsoeng la Molimo. (Pes. 19:7, 8) Ha re ntse re e-ba le kutloisiso e khōloanyane ea tsela eo Jehova a nahanang ka eona, re tla ba le takatso e matla haholoanyane ea ho mo khahlisa, ’me sena se tla re susumelletsa hore re mo mamele likarolong tsohle tsa bophelo.—Liprov. 27:11; 1 Joh. 5:3.
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsa sohle se matleng a rōna ho araba thutong ea beke le beke?
3 Ikemisetse ho Araba: Ha u ntse u lokisetsa, ipehele pakane ea ho rorisa Molimo har’a batho ba hae ba phuthehileng. (Baheb. 13:15) Phutheho eohle e tla ithuta buka ena e ncha hammoho. Kaha ho ithutoa karolo e batlang e le khutšoanyane, re tla khona ho lokisetsa hantle, ’me re be sebete ho hlalosa seo re ithutileng sona. Likarabo tsa rōna tse khutšoanyane le tse lokiselitsoeng hantle li tla susumelletsa ba bang leratong le mesebetsing e metle ’me li etse hore ho be le puisano e phetseng, e rutang. (Baheb. 10:24) Hape, thabo ea rōna e tla eketseha ha re bua ka tumelo ea rōna.
4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re boloke litaelo tsa Jehova?
4 Bosiung ba ho qetela ba Jesu e le motho lefatšeng, o ile a bontša hore re tlameha ho boloka litaelo tsa Jehova e le hore re lule leratong la Hae. (Joh. 15:10) Buka ea “Lerato la Molimo” e tla re thusa hore re ikemisetse haholoanyane ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba letsatsi le letsatsi ’me re “ipoloke leratong la Molimo.”—Juda 21.