Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 26 January
BEKE E QALANG KA LA 26 JANUARY
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Genese 17-20
No. 1: Genese 17:1-17
No. 2: Ke Hobane’ng ha Batho ba Hlōlehile ho Hloma ’Muso o Nang le Toka? (rs-SU maq. 376-377 ¶1)
No. 3: Molimo o na le Lebitso (lr-SU khao. 4)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
10 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Molula-Qhooa oa February 1 le Tsoha! ea February. Puisano le bamameli. Ka mor’a ho hlalosa limakasine tsena hakhutšoanyane, botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka khahlang batho tšimong; e-re ba bolele lebaka. U sebelisa tse ling tsa lihlooho tsena, kōpa bamameli hore ba bolele potso e loketseng eo ba ka e sebelisang bakeng sa ho qala moqoqo, le lengolo le hlahang sehloohong seo leo ba ka le balang pele ba tsamaisa limakasine. Qetella ka ho suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng ho sebelisoa linehelano tsa mohlala tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse hlahisitsoeng ke bamameli.
20 mets: “Na U Tseba Mekhoa e Fapaneng eo U ka Khethang ho Eona?”a E fanoe ke moholo. Phetha ka ho bala serapa sa ho qetela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.