Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 23 February, 2009. Molebeli oa Sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 20 e thehiloeng lintlheng tse akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 5 January ho ea ho la 23 February, 2009.
1. Ke joang Molimo a neng a ka hlahisa leseli ka letsatsi la pele haeba mehloli ea leseli e entsoe letsatsing la bone? (Gen. 1:3, 16) [w04-SU 1/1 leq. 28 ser. 5]
2. Taba ea hore ebe Jehova ha aa ka a re Noe a buse lefatše joalokaha a ne a boleletse Adama ea phethahetseng e bontša’ng? (Gen. 9:1) [it-2 leq. 1095 ser. 6]
3. Selekane sa Abrahama se ile sa qala ho sebetsa ka selemo sefe, hona se sebetsa nako e telele hakae? (Gen. 12:1-4) [w04-SU 1/15 leq. 26 ser. 4; w01-SU 8/15 leq. 17 ser. 13]
4. Ke’ng se pakang hore Nimrode le balateli ba hae ha baa ka ba finyella pakane ea bona ea ho ‘iketsetsa lebitso le tummeng’? (Gen. 11:4) [w98-SU 3/15 leq. 25]
5. Kaha 2 Petrose 2:7 e re Lota ke monna “ea lokileng,” e ka ’na eaba ke hobane’ng ha a ile a tšepisa hore o tla fana ka barali ba hae ho letšoele le tsoileng tseleng? (Gen. 19:8) [w05-SU 2/1 leq. 25-6 lir. 15-16; w04-SU 1/15 leq. 27 ser. 3]
6. Kaha banna ba tšabang Molimo ba lokela ho hlokomela bao e leng ba bona, ke hobane’ng ha Abrahama a ile a lelekela Hagare le Ishmaele lefeelleng? (Gen. 21:10-21; 1 Tim. 5:8) [w88-SU 2/15 leq. 31]
7. Re ka ithuta’ng boitekong ba Eliezere ba ho etsa lintho ka tsela ea Jehova ha a batlela Isaka mosali? (Gen. 24:14, 15, 17-19, 26, 27) [w97-SU 1/1 leq. 31 ser. 2]
8. Toro ea Jakobo eo ho eona a ileng a bona mangeloi ‘a nyoloha ’me a theoha ka lere’ e ne e bolela’ng? (Gen. 28:10-13) [w03-SU 10/15 leq. 28 ser. 4; it-2 leq. 189]
9. Ke hobane’ng ha Ragele a ne a hlile a thahasella limandrake tsa mora oa Lea? (Gen. 30:14, 15) [w04-SU 1/15 leq. 28 ser. 7]
10. Ke hobane’ng ha mohlala oa Jakobo o le molemo bakeng sa ho rarolla liqabang? (Gen. 33:3, 4) [g82-SU 8/8 leq. 19 lir. 8-10]