Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 23 February
BEKE E QALANG KA LA 23 FEBRUARY
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
lv-SU khao. 1 ¶1-9, selelekela
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Genese 32-35
Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso. Bolela buka e tsamaisoang ka March.
10 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Molula-Qhooa oa March 1 le Tsoha! ea March. Ka mor’a ho hlalosa limakasine tsena hakhutšoanyane, botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka khahlang batho tšimong; e-re ba bolele lebaka. Kōpa bamameli hore ba bolele potso eo ba ka e botsang ho qala moqoqo, le lengolo leo ba ka le balang pele ba tsamaisa limakasine. Qetella ka ho suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
10 mets: Na U Sebelisa Bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla? Puo le puisano le bamameli e thehiloeng selelekeleng sa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2009. Bolela hore ke habohlokoa hore e mong le e mong a iphe nako letsatsi ka leng hore a hlahlobe Lengolo le tlhaloso. Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ba entse kemiso efe ea ho hlahloba temana le hore na ba ruile molemo ofe.