Lokisetsang ka Botlalo Bakeng sa Sehopotso
Ke thabo le tlotla e kaakang ho balateli ba Kreste hore ba itokisetse ka botlalo bakeng sa bosiu boo re tla hopola lefu la Jesu Kreste ka bona! (Luka 22:19) Re lokela ho etsa lintho life e le ho itokisetsa Sehopotso?
◼ Nako le Sebaka: E mong le e mong o lokela ho tseba nako e nepahetseng le sebaka seo Sehopotso se tla tšoareloa ho sona. Haeba liphutheho tse fetang e le ’ngoe li tla sebelisa Holo ea ’Muso, ke habohlokoa hore re fihle ka nako re be re qhalane ka mokhoa o hlophisehileng, kaha ho na le nako e khutšoanyane pakeng tsa liboka. Ho bohlokoa ho qoba tšubuhlellano e sa hlokahaleng phasejeng, monyako, seterateng le moo likoloi li pakoang teng.
◼ Limemo: Na bahoeletsi bohle ba na le limemo, hona na ba li balile? Na u itlhakiselitse ho tsamaisa memo ee? U tla e tsamaisetsa bo-mang? Re lokela ho leka ho li tsamaisa kaofela.
◼ Lipalangoang: Batho ba thahasellang hammoho le bara le barali ba bang babo rōna ba ka ’na ba hloka lipalangoang kapa thuso e itseng. Ho entsoe litokisetso life tsa ho ba thusa?
◼ Litšoantšetso: Etsang bonnete ba hore litšoantšetso li se ke tsa fetisoa pele letsatsi le likela. Ho lokela ho etsoe litokisetso tsa ho isa litšoantšetso ho motlotsuoa ofe kapa ofe ea kulang ’me a sa khone ho ba teng. Ho lokela ho fumanoe bohobe le veine ea mofuta o nepahetseng ’me li be boemong bo loketseng pele ho qaloa.—Shebang Molula-Qhooa oa February 15, 2003, leqepheng la 14-15, serapeng sa 14, 17.
◼ Holo ea ’Muso: Holo e lokela ho hloekisoa hantle nako e sa le teng. Lipoleiti, likhalase, tafole e loketseng le lesela la tafole li lokela ho tlisoa holong ’me li behoe sebakeng se loketseng pele ho qaloa. Haeba ho tla kopaneloa sebakeng se seng, etsang bonnete ba hore ho tla ba le libuela-hōle tse loketseng e le hore bamameli bohle ba ka utloa sebui. Bahlokomeli le ba fetisang litšoantšetso ba lokela ho khethoa esale pele ’me ba hlalosetsoe mesebetsi ea bona, tlhophiso e lokelang ho lateloa le hore ke habohlokoa ho apara le ho itlhopha ka mokhoa o hlomphehang.
Kaofela ha rōna re lokela ho itokisetsa ketsahalo ena ea bohlokoahali ea Sehopotso sa lefu la Jesu Kreste. Ha ho pelaelo hore Jehova o tla hlohonolofatsa ka ho enneng bohle ba bontšang kananelo e tlohang botebong ba pelo bakeng sa sohle seo Jehova a se etselitseng batho ka sehlabelo sa Mora oa hae ea ratoang, Jesu Kreste.