Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 23 March
BEKE E QALANG KA LA 23 MARCH
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
lv-SU khao. 3 ¶1-7, lebokose leq. 29
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Genese 47-50
No. 1: Genese 48:1-16
No. 2: Na re Lokela ho Tšaba Diabolose?
No. 3: Thuso eo Mangeloi a Molimo a Fanang ka Eona (lr-SU khao. 11)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Makasine ea Molula-Qhooa oa April 1 le Tsoha! ea April. Puisano le bamameli. Ka mor’a ho hlalosa limakasine tsena hakhutšoanyane, botsa bamameli hore na ba ikemiselitse ho buella lihlooho life tšimong hona hobane’ng. Ho ka botsoa lipotso life ’me ha baloa mangolo afe ho buella lihlooho tsee? Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka buelloang. Pontšong e ’ngoe, bontša kamoo ho ka qaloang thuto leetong la ho boela.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
10 mets: Bontša Tlhompho ka ho Mamelisisa le ho Nahanela Maikutlo a Mong’a Ntlo. Puo le puisano le bamameli e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 186-187. Lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo re ka sebelisang keletso ena kateng. Ka mor’a moo, kōpa bamameli hore ba bolele mabaka a entseng hore mohoeletsi eo a atlehe.