Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 11 January
BEKE E QALANG KA LA 11 JANUARY
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
lv khao. 15 ¶10-17, lebokose le ho leq. 177
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Joshua 21-24
No. 1: Joshua 24:1-13
No. 2: Na Molimo ha a Tsotelle Ebile ha a na Kutloelo-bohloko?
No. 3: Na Bibele e Bontša Hore Moea O-oa Phonyoha ha ’Mele o E-shoa? (rs leq. 239 ¶1–leq. 240 ¶1)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
15 mets: Ruta Batho Bao U Ithutang le Bona Mokhoa oa ho Ithuta. Puisano le bamameli e thehiloeng sehloohoaneng se reng “Mokhoa oa ho Ithuta” leqepheng la 28-31 bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso. Qala ka ho suthela pontšo ea mohoeletsi eo e leng khale a li bona ea bontšang seithuti sa Bibele kamoo se ka lokisetsang thuto kateng se sebelisa lintlha tse hlahang leqepheng la 7 bukeng ea Seo Bibele e se Rutang.
15 mets: “Na Kea Tšoaneleha Hore ke Bolele Litaba Tse Molemo?” Puisano ea lipotso le likarabo. Ka mor’a ho tšohla serapa sa 4, buisana le mohoeletsi, ’me u mo botse lipotso tse kang tsena: Ke litšitiso life tseo u ileng ua tlameha ho li hlōla e le hore u atlehe mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo? U ile ua thusoa joang hore u be mafolofolo tšebeletsong ’me u behe litholoana?