Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 20 December
BEKE E QALANG KA LA 20 DECEMBER
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Likronike 20-24
No. 1: 2 Likronike 20:1-12
No. 2: Lintho Tse Amehang Hore Motho a Ithute Puo e Hloekileng a be a e Bue (Sof. 3:9)
No. 3: Na Jesu Kreste e ne e le Motho oa Sebele? (rs leq. 189 ¶2–leq. 190 ¶2)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
15 mets: Na U Kile Ua Leka ho li Sebelisa? Puisano. Fana ka puo eo ho eona u tšohlang ka bokhutšoanyane lintlha tse hlahang lihloohong tsena tse hlahileng morao tjena Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Ke lihlooho tse latelang: “Na Leetong la Pele U Kile Ua Bontša Tsela ea ho Khanna Thuto?” le se reng, “Tsela ea ho Koetlisa ba sa Tsoa Qala ho Bolela” (km 5/10) hammoho le se reng, “U ka Paka Neng le Neng ha Monyetla o Hlaha!” (km 8/10). Kōpa bamameli hore ba bolele kamoo ba lekileng ho sebelisa likeletso tse hlahang lihloohong tseo le hore na ba ruile molemo joang.
15 mets: “Sehlooho se Secha sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele.” Lipotso le likarabo. Haeba ho e-na le bahoeletsi leha e le bafe ba sa tlang le Molula-Qhooa oa January 1, 2011, lokisetsa hore ba o abeloe pele u qala puisano ena. E phethele ka ho suthela pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tsa kamoo re ka qalang thuto ea Bibele ka sehlooho se reng, “Ithute Lentsoe la Molimo—Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta ka Molimo?”