Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 21 March
BEKE E QALANG KA LA 21 MARCH
Pina ea 47 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 1 ¶10-15, chate e ho leq. 12 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Jobo 6-10 (10 mets.)
No. 1: Jobo 8:1-22 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Na ho Lumela ho Jesu Kreste ke Sona Phetho se Hlokoang Bakeng sa Poloko?—rs leq. 196 ¶6 (5 mets.)
No. 3: Re ka Latela Keletso e ho Matheu 10:16 Joang? (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
15 mets: Sebelisa Bibele ha U Araba. Puisano e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 143-144. Suthela lipontšo tse peli tsa mohoeletsi ea botsoang potso e ka ’nang ea botsoa ke motho tšimong ea phutheho. Pontšong ea pele a fane ka karabo e nepahetseng empa a sa sebelise Bibele. Pontšong ea bobeli, a sebelise Bibele ha a araba. Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ke hobane’ng ha pontšo ea bobeli e le eona e molemo.
15 mets: “Re Tla Aba Limemo Tsa Sehopotso ho Tloha ka la 2 April.” Lipotso le likarabo. Abela bahoeletsi bohle limemo tsa Sehopotso, ebe le buisana ka lintlha tse ka hare. Bolela hore na ho entsoe litokisetso life tsa ho sebetsa tšimo eohle ea phutheho. Suthela pontšo ea kamoo limemo li ka tsamaisoang kateng.
Pina ea 109 le Thapelo