Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 9 May
BEKE E QALANG KA LA 9 MAY
Pina ea 58 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 3 ¶12-18 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Pesaleme ea 1-10 (10 mets.)
No. 1: Pesaleme ea 7:1-17 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Haeba e Mong a Re: “Ke Amohetse Jesu e le ’Moloki oa Ka”—rs leq. 200 ¶3 (5 mets.)
No. 3: Ke Hobane’ng ha Jesu a Ile a Khalemela Motho ha a re ke “Mosuoe ea Molemo”?—Mar. 10:17, 18 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Re Tla Mamela Molimo e le ’Musi ho E-na le Batho. (Lik. 5:29) Puisano e thehiloeng Bukeng ea Selemo ea 2011, leqepheng la 219, serapeng sa 4, ho ea leqepheng la 221, serapeng sa 1. Ka mor’a ho tšohla phihlelo ka ’ngoe, kōpa bamameli hore ba bolele hore na ke lintho life tseo ba ithutileng tsona.
10 mets: Na U ka ba Pula-maliboho ea Thusang? Puisano. Ka bokhutšoanyane tšohla leqephe la 112-113 la buka ea Ho Hlophisetsoa, ’me u bolele lintho tse hlokahalang hore motho e be pula-maliboho ea thusang. Kōpa bao e bileng bo-pula-maliboho ba thusang matsatsing ao ba neng ba phomotse mesebetsing kapa likolong hore ba bolele melemo eo ba ileng ba e fumana.
10 mets: “Leseli la Lōna le ke le Khanye.” Lipotso le likarabo. Kōpa bamameli hore ba phete liketsahalo tse ba hlahetseng tse bontšang hore boitšoaro bo botle bo bula monyetla oa ho pakela batho.
Pina ea 93 le Thapelo