Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 26 December, 2011.
1. Keletso e ho Liproverbia 30:32 e re thusa joang hore re se ke ra tsoela pele ho halefisa motho eo e ka ’nang eaba re mo khopisitse? [w87 5/15 leq. 30 ser. 10]
2. Ke “thabo” ea mofuta ofe e etsang hore motho a se ke a khotsofala? (Moek. 2:1) [g 4/06 leq. 6 lir. 1-2]
3. Le hoja batho ba bang ba etsa qeto ea hore mantsoe a Solomone a tlalehiloeng ho Moeklesia 3:1-9 a tšehetsa tumelo ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang e etselitsoe qeto esale pele, seo a se ngotseng ho Moeklesia 9:11 se hlakisa taba joang, e leng se bontšang hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang ha ea etsetsoa qeto esale pele? [w09 3/1 leq. 4 ser. 4]
4. Ho ba “ea lokileng ho feta tekanyo” ho na le bothata bofe? (Moek. 7:16) [w10 10/15 leq. 9 lir. 8-9]
5. Sefela sa Lifela 2:7 e bontša joang hore motho ea nahanang ho kena lenyalong o etsa hantle ha a sa potlakele ho khetha molekane? [w06 11/15 leq. 19 ser. 1; w80 10/15 leq. 20 ser. 7 (w80-E 4/15 leq. 19 ser. 7)]
6. Ho boleloa’ng ha ho thoe ‘molomo oa Moshulame o rotha mahe a linotši a khekheng,’ le ha ho thoe ‘mahe a linotši le lebese li tlas’a leleme la hae’? (Sefela 4:11) [w06 11/15 leq. 19 ser. 6]
7. Litlotla tse latelang, e leng “Moeletsi ea Hlollang,” “Molimo ea Matla” le “Ntate oa ka ho sa Feleng,” li re fa temohisiso joang mabapi le litšoaneleho tsa Jesu le puso ea hae lefatšeng le lecha? (Esa. 9:6) [w91 4/15 leq. 5 ser. 7]
8. Kajeno ke eng e ka tšoantšoang le “sechaba sa bokoenehi” sa Iseraele, ’me ke mang ea tla sebeletsa e le “molamu” oa Jehova o tla e timetsa? (Esa. 10:5, 6) [ip-1 leq. 145 lir. 4, 5; leq. 153 ser. 20]
9. Ke hobane’ng ha boprofeta ba Esaia ba hore Babylona “e ke ke ea hlola e e-ba le baahi” e le bo tsotehang, ’me ho phethahala ha bona ho re kholisa ka eng kajeno? (Esa. 13:19, 20) [g 11/07 leq. 9 lir. 4-5]
10. Jesu o ile a amohela “senotlolo sa ntlo ea Davida” neng, hona o ’nile a se sebelisa joang? (Esa. 22:22) [w09 1/15 leq. 31 ser. 2]