Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 9 April
BEKE E QALANG KA LA 9 APRIL
Pina ea 123 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 19 ¶1-5, mabokose a ho maq. 149-150 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Jeremia 22-24 (10 mets.)
No. 1: Jeremia 23:15-23 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Lebaka Leo ho Seng Mohla Bophelo bo Tla Tena Lefatšeng le Lecha (5 mets.)
No. 3: Ho Sebelisa Keletso ea Mangolo ho ka Ntlafatsa Lenyalo—rs leq. 236 ¶5-8 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
15 mets: Sebelisa Buka ea Selemo ea 2012 Hamolemo. Sebelisa “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang” e le kenyelletso ea puo ena. Ka mor’a moo, kōpa bamameli hore ba phete liketsahalo kapa liphihlelo tse khothatsang tse hlahang sehloohong se reng “Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng.” Ebe u kōpa bamameli hore ba bolele lintlha tse ikhethang tsa tlaleho ea lefatše ka bophara. Phetha ka ho khothalletsa bohle hore ba bale Buka ea Selemo kaofela.
15 mets: “Litsela Tse Tharo Tsa ho Ntlafatsa Mokhoa oa Hao oa ho Ruta.” Lipotso le likarabo. Ha le tšohla serapa sa 2, kōpa mohoeletsi hore a etse pontšo eo ho eona a tšohlang le mong’a ntlo serapa sa pele leqepheng la 3 la buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ka mor’a hore mohoeletsi a bale mantsoe a qotsitsoeng ho Jobo 10:15, a nke motsotso o le mong kapa e ’meli a hlalosa hore na Jobo ke mang. Ha a qeta, botsa bamameli hore na ke hobane’ng ha tsela eo ea ho ruta e se ntle, le hoja lintlha tseo a li boletseng ka Jobo li nepahetse.
Pina ea 10 le Thapelo