Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 23 April
BEKE E QALANG KA LA 23 APRIL
Pina ea 45 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 19 ¶12-20, lebokose le ho leq. 152 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Jeremia 29-31 (10 mets.)
No. 1: Jeremia 31:15-26 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Na Molimo o Lebeletse Hore Bakreste ba Boloke Sabatha ea Beke le Beke? (5 mets.)
No. 3: Na Ruri Maria e ne e le Moroetsana ha a Beleha Jesu?—rs leq. 275 ¶4-5 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
15 mets: Litsebiso. Nka motsotso kapa e ’meli u bua ka lihlooho tse seng kae limakasineng tsa May tse ka khahlang batho tšimong ea lōna. Ka mor’a moo, kōpa bamameli hore ba bolele lipotso tse thahasellisang tseo ba ka li botsang ha ba buella letoto la lihlooho tse qalang tsa Molula-Qhooa, ba be ba bolele hore na ba ka bala lengolo lefe. Etsa se tšoanang ka letoto la lihlooho tse qalang tsa Tsoha! ’me ha nako e lumela, u etse se tšoanang ka sehlooho se seng se hlahang ho e ’ngoe ea limakasine tseo. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
20 mets: Etsa Lipapiso Tse Rutang. Puisano e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 240-243. Kōpa bamameli hore ba bolele lipapiso tse khutšoanyane tseo ba atlehileng ho li sebelisa ha ba behelana mabaka le mong’a ntlo kapa seithuti sa Bibele.
Pina ea 119 le Thapelo