Lebokose La Lipotso
◼ Ke’ng seo re lokelang ho se hopola haeba re batla hore thepa e itseng kapa thepa eohle ea rōna e fuoe mokhatlo oa Jehova ha re e-shoa?
Ha batho ba e-shoa, ha ba sa na matla a ho laela hore na ho etsoe’ng ka thepa ea bona. (Moek. 9:5, 6) Kahoo, ba bangata ba etsa tokomane ea molao ba sa ntse ba phela, e hlalosang tsela eo ba lakatsang hore thepa ea bona e ajoe ka eona. (2 Mar. 20:1) Hangata tokomane eo e bontša hore na motho o batla e be mang ea tla hlokomela thepa kapa ea tla phetha thato ea hae. Haeba motho a sa ka a etsa tokomane eo, ba boholong ba tla khetha mong ka eena ea haufi eo ka molao e leng eena mojalefa ebe ba mo abela thepa eo. Kahoo, haeba re lakatsa hore thepa ea rōna e itseng kapa kaofela ha eona e fuoe mokhatlo oa Jehova, ke habohlokoa hore re etse tokomane ea molao e bontšang seo le hore re khethe ka hloko motho ea tla e hlokomela kapa ea tla phetha thato ea rōna. Hape u lokela ho bolella litho tsa lelapa, haholo-holo haeba e se Lipaki. Sena se tla etsa hore litho tsa lelapa li se ke tsa hanyetsa lengolo la kabo ea lefa haeba li nka hore thepa eo ke ea lelapa.
Motho ea hlokomelang thepa kapa ea bonang hore thato ea mofu ea phethoa o na le boikarabelo bo boima. Ho itšetlehile ka hore na thepa ea mofu e kae, ho e bokella le ho e aba e ka ba mosebetsi o mongata o jang nako e ngata. Ho phaella moo, hangata mebuso e na le melao e lokelang ho lateloa, kahoo ho ka ’na ha hlokahala hore u kōpe motho ea tšoanelehang, ea kang ’muelli oa molao kapa motho ea bolokang libuka tsa khoebo hore a u thuse. Hase e mong le e mong ka phuthehong ea ka khonang ho aba lefa kapa ho bona hore thato ea mofu ea phethoa. Re lokela ho khetha motho ea nang le bokhoni, ea tšepahalang ea bileng a ikemiselitseng ho phetha thato ea rōna.—Bona sehlooho se reng “The Wisdom and Benefits of Estate Planning,” Tsoheng! (ea Senyesemane) ea December 8, 1998.
Haeba Motho a U Kōpa Hore U Hlokomele Thepa ea Hae Kapa U Bone Hore Thato ea Hae ea Phethoa: Haeba motho a u botsa hore na u ka thabela ho hlokomela thepa ea hae ha a e-shoa, bala litšenyehelo pele ’me u rapelle tataiso ea Jehova ha u itlhahloba hore na u ka phetha boikarabelo boo. (Luka 14:28-32) Ha a e-shoa, u lokela ho tsebisa bohle bao a boletseng hore ke majalefa. Hang ha u se u e-na le matla a ho etsa joalo, e tla ba boikarabelo ba hao hore u abe thepa ho latela molao u be u etse sohle seo mofu a se laetseng tokomaneng ea kabo ea lefa. Motho ea hlokomelang thepa kapa ea nang le boikarabelo ba ho bona hore thato ea mofu ea phethoa, o lokela ho lemoha hore ha aa lokela ho hlokomoloha litaelo tsa mofu ebang thepa e khōlō kapa e nyenyane. Lintho leha e le life tse fuoang mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova ke monehelo mokhatlong oa Jehova.—Luka 16:10; 21:1-4.