Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 June, 2012. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e tla tšohloa ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.
1. Ho pholoha ha Jeremia nakong ea mathata a moruo ho re ruta eng? (Jer. 37:21) [La 7 May, w97 9/15 leq. 3 ser. 4–leq. 4 ser. 1]
2. Ke ka litsela life Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ba etsisang mohlala o motle oa Ebede-meleke? (Jer. 38:8-13) [La 7 May, su leq. 179 ser. 9]
3. Kaha Jehova o ile a sebelisa balebeli ba Nebukadrezare ho sireletsa Jeremia le Baruke, na kajeno ho loketse hore Bakreste ba kōpe ho sireletsoa ke mapolesa a hlometseng? (Jer. 39:11-14) [La 14 May, w84 1/1 leq. 31 (w83-E 7/15 leq. 31)]
4. “Lintho tse khōlō” tseo ho ka etsahalang hore ebe Baruke o ne a ipatlela tsona ke life ’me khato eo a ileng a e nka ka keletso ea Jehova e re thusa hore re tsepamise likelello ho eng? (Jer. 45:5) [La 21 May, w06 8/15 leq. 18 ser. 1; leq. 19 ser. 6]
5. Ha Jehova a hlalosa boiphetetso bo loketseng bo neng bo tlela Edomo, ke hobane’ng ha a itšoantša le “ba khang morara” le “masholu”? (Jer. 49:9, 10) [La 28 May, w77-E leq. 442 ser. 7–leq. 443 ser. 1]
6. Re ka ithuta eng ka se ileng sa hlahela Morena Tsedekia ka mor’a hore a ‘fetohele morena oa Babylona’? (Jer. 52:3, 7-11) [La 4 June, w88 9/15 leq. 17 ser. 8; w81 9/15 leq. 28 lir. 3-4; leq. 29 ser. 6 (w81-E 4/1 leq. 13 lir. 3-4; leq. 14 ser. 6)]
7. ‘Setuloana sa maoto’ sa Jehova le “lephephe” la hae ke eng? (Lillo 2:1, 6) [La 11 June, w07 6/1 leq. 9 ser. 2]
8. Jeremia o ne a bolela’ng ha a re Jehova o tla ‘mo hopola ’me a mo inamele,’ hona ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa haholo ho rōna? (Lillo 3:20) [La 18 June, w07 6/1 leq. 11 ser. 3]
9. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore motho a ithute ho jara joko ea mahlomola bocheng? (Lillo 3:27) [La 18 June, w07 6/1 leq. 11 ser. 5; w87 2/15 leq. 24 ser. 1]
10. Mohlala oa Ezekiele o ka re thusa joang hore re bue ka sebete le ha batho ba bang ba iphapanya? (Ezek. 3:8, 9) [La 25 June, w08 7/15 maq. 8-9 lir. 6-7]