Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 2 July
BEKE E QALANG KA LA 2 JULY
Pina ea 116 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 23 ¶1-8, lebokose le ho leq. 180 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Ezekiele 6-10 (10 mets.)
No. 1: Ezekiele 7:14-27 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ke Joang Jonathane a Behileng Mohlala o Motle oa Boikokobetso?—1 Sam. 23:16-18 (5 mets.)
No. 3: Na Bohobe le Veine li Hlile li Fetohile ’Mele le Mali a Kreste?—rs leq. 308 ¶1–leq. 309 ¶3 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Mokhoa oa Beha Mabaka ha U Bua le Beng ba Matlo—Karolo ea 1. Puisano e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 251 ho ea leqepheng la 253, serapeng sa 2. Suthela pontšo e khutšoanyane e bontšang ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse hlahang boitsebisong bona.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
10 mets: Lintlha Tse ka re Thusang ho Tsamaisa Limakasine ka July. Puisano. Khetha lihlooho tse peli kapa tse tharo ebe u nka metsotsoana e 30 ho isa ho e 60 u bontša lintlha tse tla khahla batho tšimong ea lōna. Ka mor’a moo, kōpa bamameli hore ba bolele lipotso tse thahasellisang tseo ba ka li botsang ha ba buella letoto la lihlooho tse qalang tsa Molula-Qhooa, ba be ba bolele hore na ba ka bala lengolo lefe. Etsa se tšoanang ka letoto la lihlooho tse qalang tsa Tsoha! ’me ha nako e lumela, u etse se tšoanang ka sehlooho se seng se hlahang ho e ’ngoe ea limakasine tseo. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
Pina ea 31 le Thapelo