Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 24 December
BEKE E QALANG KA LA 24 DECEMBER
Pina ea 5 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 3 ¶1-6 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Zakaria 9-14 (10 mets.)
No. 1: Zakaria 11:1-13 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Molimo o Ithaopela ho Utloa Lithapelo Tsa Bo-mang?—(rs leq. 405 ¶1–leq. 406 ¶1) (5 mets.)
No. 3: Re ka Sebelisa Liproverbia 15:1 Maemong Afe? (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
30 mets: Kamoo re ka Sebelisang Websaete ea Rōna e Molaong Hamolemohali. Puisano e thehiloeng leqepheng la 3-6. Ha le tšohla leqephe la 4, suthela pontšo ea metsotso e meraro ea lelapa le phethelang Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea. Hlooho ea lelapa e kōpa litlhahiso tsa hore na ho ka ithutoa eng bekeng e latelang, ʼme bana ba supa lintlha tseo ba ratang ha li ka tšohloa karolong ea “Bacha” ea Websaete. Kōpa bamameli ho hlalosa hore na ba sebelisitse websaete ea jw.org joang, kapa hore na ba rera ho e sebelisa joang thutong ea motho ka mong kapa ea lelapa. Ha le tšohla leqephe la 5, suthela pontšo ea metsotso e meraro ea mohoeletsi ea sebelisang sesebelisoa sa elktronike ho araba lipotso tsa mong’a ntlo mabapi le tumelo ea rōna. Ha le tšohla leqephe la 6, suthela pontšo ea metsotso e mene ea mohoeletsi ea buisanang le motho ea thahasellang ea ratang ho bala ka puo esele. Mohoeletsi o sebelisa sesebelisoa sa hae sa elktronike kapa k’homphieutha ea mong’a ntlo ho hlahisa leqephe la pampitšana ea Tseba ’Nete kapa la buka ea Seo Bibele e se Rutang ka puo eo mong’a ntlo a e balang, ʼme o tšohla taba ena le eena. Botsa bamameli hore na ba sebelisitse websaete ea jw.org joang boboleling.
Pina ea 101 le Thapelo