Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 1 April
BEKE E QALANG KA LA 1 APRIL
Pina ea 38 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 7 ¶7-13 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Luka 7-9 (10 mets.)
No. 1: Luka 7:18-35 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ke Sechaba Sefe se Secha se Ileng sa Tsoaloa ka Pentekonta, Hona ka Morero Ofe?—Bagal. 6:16; 1 Pet. 2:9 (5 mets.)
No. 3: Kaine o Fumane Mosali oa Hae Hokae?—w10 9/1 leq. 25 e ntlafatsa rs leq. 303 ¶5–leq. 304 ¶2 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Lintlha Tse ka re Thusang ho Tsamaisa Limakasine ka April. Puisano. Nka metsotsoana e 30 ho ea ho e 60 u hlalosa hore na ke hobane’ng ha limakasine tsena li tla khahla batho tšimong ea lōna. Ka mor’a moo, kōpa bamameli hore ba bolele lipotso tse thahasellisang tseo ba ka li botsang ha ba buella sehlooho se ka ntle sa Molula-Qhooa, ba be ba bolele hore na ba ka bala lengolo lefe. Etsa se tšoanang ka Tsoha! ’me ha nako e lumela, u etse se tšoanang ka sehlooho se seng se hlahang ho e ’ngoe ea limakasine tseo. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho.
10 mets: Sebelisa Buka ea Selemo ea 2013 Hamolemo. Puisano. Tšohla “Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang.” Lokisetsa esale pele hore ba bang ba phete liphihlelo tse khothatsang tse hlahang Bukeng ea Selemo. Kōpa bamameli hore ba bolele lintlha tse ikhethang tsa tlaleho ea lefatše ka bophara. Phetha ka ho khothalletsa bohle hore ba bale Buka ea Selemo kaofela.
Pina ea 75 le Thapelo