Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 24 June, 2013. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e neng e tšohloa ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.
1. Jesu o ne a bolela’ng ka polelo ea hae e tlalehiloeng ho Johanne 3:14, 15 e reng: “Feela joalokaha Moshe a ile a phahamisa noha lefeelleng, kahoo Mor’a motho o tla phahamisoa”? [La 6 May, it-1 leq. 505]
2. Balateli ba Kreste ba fumana bophelo ka ho bona neng, kapa ho ba le bophelo ka botlalo? (Joh. 6:53) [La 13 May, w03 9/15 leq. 31 ser. 3]
3. Etsa papiso ea kamoo Jesu a senotseng Ntate oa hae kateng ho batho ba sa phethahalang. (Joh. 8:28) [La 20 May, w11 4/1 leq. 7 ser. 3]
4. Re ithuta eng tabeng ea hore Jesu o ile “a ntša meokho” ha Lazaro a shoele? (Joh. 11:35) [La 20 May, w08 5/1 leq. 24 lir. 3-5]
5. Ke thuto efe ea bohlokoa eo Jesu a e rutileng barutuoa ba hae ka ho ba hlatsoa maoto? (Joh. 13:4, 5) [La 27 May, w99 3/1 leq. 31 ser. 1]
6. Moea oa Molimo o ka re tataisa joang? (Joh. 14:26) [La 27 May, w11 12/15 maq. 14-15 ser. 9]
7. “Tsee” tseo ho buuoang ka tsona ho Johanne 21:15 ke eng, hona re ka ithuta eng? [La 3 June, w08 4/15 leq. 32 ser. 11]
8. Ho latela Liketso 2:44-47 le Liketso 4:34, 35, Bakreste ba lokela ho etsisa moea ofe? [La 10 June, w08 5/15 leq. 30 ser. 5]
9. Tlalehong e ho Liketso 7:59, na Setefane o ne a rapela Jesu? [La 17 June, w08 5/15 leq. 31 ser. 2]
10. Re ka etsisa mohlala o motle oa Barnabase joang, ʼme re tla fumana melemo efe ka ho etsa joalo? (Lik. 9:26, 27) [La 24 June, bt leq. 65 ser. 19]