Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 1 July
BEKE E QALANG KA LA 1 JULY
Pina ea 69 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 11 ¶9-14 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Liketso 11-14 (10 mets.)
No. 1: Liketso 11:1-18 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Topollo e Lokela ho Ama Tsela eo re Sebelisang Bophelo ba Rōna ka Eona Joang?—rs leq. 421 ¶4-6 (5 mets.)
No. 3: Ha e le Hantle Metsoalle ea Hao ke Bo-mang?—Pes. 119:63 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Lintlha Tse ka re Thusang ho Tsamaisa Limakasine ka July. Puisano. Nka metsotsoana e 30 ho isa ho e 60 u hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba tla thahasella limakasine tsena tšimong ea lōna. Ka mor’a moo, buella sehlooho se ka ntle sa Molula-Qhooa, ʼme u kōpe bamameli hore ba fane ka litlhahiso mabapi le potso e thahasellisang eo ba ka e botsang mong’a ntlo, ebe u kōpa litlhahiso tsa hore na ho ka baloa lengolo lefe. Etsa se tšoanang ka Tsoha! ʼme, ha nako e lumela, u etse se tšoanang ka sehlooho se seng se hlahang ho e ʼngoe ea limakasine tseo. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ʼngoe e ka tsamaisoang kateng.
10 mets: “Menyetla e Eketsehileng ea ho Rorisa Jehova.” Lipotso le likarabo ho sebelisoa sehlooho se leqepheng la 2. Buisana ka bokhutšoanyane le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli bao e neng e le bo-pula-maliboho ba thusang nakong eo molebeli oa potoloho a neng a etetse phutheho.
10 mets: Re Ithuta’ng? Puisano. Kōpa hore ho baloe Luka 12:16-31. Tšohlang hore na tlaleho ena e ka re thusa joang tšebeletsong ea tšimo.
Pina ea 35 le Thapelo