Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka June: Tsamaisa pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? kapa pampitšana leha e le efe eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba motho a bontša thahasello, mo bontše hore na thuto ea Bibele e khannoa joang, u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. July le August: Tsamaisa bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa bukana leha e le efe eo phutheho e nang le eona setokong.
◼ Re motlotlo ho le tsebisa hore liphutheho tse latelang tse peli li ile tsa thabela ho nehela Liholo Tsa ʼMuso tse ncha. Gauteng: Delmore. Western Cape: Noordhoek.