Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 9 September
BEKE E QALANG KA LA 9 SEPTEMBER
Pina ea 62 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 14 ¶1-7 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 1 Bakorinthe 10-16 (10 mets.)
No. 1: 1 Bakorinthe 14:7-25 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Motho oa Moetsalibe a ka “Nolofatsa Sefahleho sa Jehova” Joang?—2 Likr. 33:12, 13; Esa. 55:6, 7 (5 mets.)
No. 3: Ke Hobane’ng ha Tlaleho e ho Johanne 9:1, 2 e sa Pake Hore Batho ba Tsoaloa Hangata?—rs leq. 175 ¶1–leq. 176 ¶2 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Bacha—Le Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Lōna?—Karolo ea 1 Puo e thehiloeng pampitšaneng ea Bophelo ba Lōna lirapeng tsa 1-9. Babatsa ka mofuthu bacha ba etelletsang ’Muso pele.
10 mets: Liphihlelo Tsa ba Ileng ba Sebelisa Bukana ea Litaba Tse Molemo. Puisano. Kōpa bamameli hore ba bolele liphihlelo tse babatsehang tseo ba bileng le tsona ha ba qalisa thuto ea Bibele ba sebelisa bukana ea Litaba Tse Molemo. Lokisetsa hore ho etsoe pontšo e bontšang kamoo bukana ena e ka sebelisoang kateng ho etsa leeto la ho boela ho motho ea ileng a amohela limakasine nakong e fetileng.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 2013, leqepheng la 7.
10 mets: “Nkang Baprofeta e le Mohlala—Amose.” Lipotso le likarabo.
Pina ea 96 le Thapelo