Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 23 September
BEKE E QALANG KA LA 23 SEPTEMBER
Pina ea 109 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jr khao. 14 ¶14-19 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Bakorinthe 8-13 (10 mets.)
No. 1: 2 Bakorinthe 10:1-18 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Haeba e Mong a Re, ‘Ke Lumela Hore Batho ba Tsoaloa Hangata’—rs leq. 177 ¶1-3 (5 mets.)
No. 3: Re Lokela ho Utloisisa 1 Bakorinthe 10:13 Joang? (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: “Ke Tla Nka Sengoliloeng sa Hao Haeba Feela U Nka sa Ka.” Puisano. Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ba ile ba araba batho ba buang ka tsela ena joang.
10 mets: Re Sebelitse Joang Selemong se Fetileng? Puo ka molebeli oa tšebeletso. Tšohla seo phutheho e se entseng tšimong selemong se fetileng sa tšebeletso. Totobatsa lintho tse ntle tseo phutheho e li finyeletseng u be u e babatse. Bolela ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tseo phutheho e ka ntlafatsang ho tsona selemong se secha sa tšebeletso ’me u bolele hore na e ka ntlafatsa joang.
15 mets: Re Ithuta’ng? Puisano. Kōpa hore ho baloe Liketso 16:19-40. Tšohlang hore na tlaleho ena e ka re thusa joang tšebeletsong ea tšimo.
Pina ea 44 le Thapelo