Kemiso ea Thuto ea Beke ea la July 28
BEKE E QALANG KA LA 28 JULY
Pina ea 58 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 10 ¶18-21, le lebokose le leqepheng la 106 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Numere 1-3 (10 mets.)
No. 1: Numere 3:21-38 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: “Batho ba Mefuta Eohle” ba Tla Bolokoa—rs leq. 367 ¶3 (5 mets.)
No. 3: Liqoso—Liqoso li ne li Sebetsoa Joang Molaong oa Baroma le oa Baheberu?—it-1-E leq. 39 ¶4-8, Kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Na U Itokiselitse Selemo se Secha sa Sekolo? Puisano. Kōpa bahoeletsi hore ba bolele a mang a mathata ao bacha ba Bakreste ba thulanang le ’ona sekolong. Hlalosa kamoo batsoali ba ka sebelisang Websaete ea rōna le likhatiso tse ling ho thusa bana ba bona hore ba itokisetse selemo se secha. (1 Pet. 3:15) Etsa mohlala o le mong kapa e ’meli ea mathata a tloaelehileng ’me u bue ka boitsebiso boo mokhatlo o faneng ka bona bo ka thusang bana. Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ba ile ba paka joang sekolong.
10 mets: Buisana le Mongoli. Mosebetsi oa hao o akaretsa’ng? Balebeli ba lihlopha le bahoeletsi ba ka u thusa joang hore u ngole tlaleho e nepahetseng le e nakong? Tlaleho e nepahetseng e thusa baholo, molebeli ea tsamaeang le ofisi ea lekala ho fana ka khothatso e hlokahalang joang?
10 mets: “Nkang Baprofeta e le Mohlala—Sofonia.” Lipotso le likarabo.
Pina ea 70 le Thapelo