Kemiso ea Thuto ea Beke ea la October 20
BEKE E QALANG KA LA 20 OCTOBER
Pina ea 109 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 14 lir. 16-20 le lebokose le leqepheng la 147 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Deuteronoma 7-10 (10 mets.)
No. 1: Deuteronoma 9:15-29 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ke Hobane’ng ha Motho ea Phethahetseng a Ile a Etsa Sebe?—rs leq. 393 ¶1–leq. 394 ¶1 (5 mets.)
No. 3: Adonija—U se ke Ua Belaella Liqeto Tsa Jehova—it-1-E maq. 49-50, Adonijah No. 1, Kapa U Iketsetse Lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
15 mets: “Ho Hlalosa Seo re se Lumelang ka Selemo sa 1914.” Puisano. Kōpa bamameli hore ba arabe potso e ’ngoe le e ’ngoe e tšoailoeng ka letheba.
15 mets: Chate e Tla re Thusa ho Hlalosa Tumelo ea Rōna ka 1914. Qala ka pontšo ea metsotso e supileng ea mohoeletsi ea sebelisang chate e leqepheng la 11 la Molula-Qhooa oa November 1, 2014, hore a hlalosetse seithuti sa hae kakaretso ea kamoo boprofeta bo tlalehiloeng ho Daniele khaolo ea 4 bo amanang le ’Muso oa Molimo kateng. Kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ke hobane’ng ha pontšo eo e ba tsoetse molemo. Phethela ka ho bala Tšenolo 12:10, 12 ebe u kōpa bamameli hore ba hlalose hore na ho tseba hore ’Muso oa Molimo o qalile ho busa ka 1914 ho ba susumelitse joang hore ba bolele litaba tse molemo ka potlako.
Pina ea 133 le Thapelo