Kemiso ea Thuto ea Beke ea la November 3
BEKE E QALANG KA LA 3 NOVEMBER
Pina ea 79 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 15 lir. 11-19 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Deuteronoma 14-18 (10 mets.)
No. 1: Deuteronoma 15:16–16:8 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ke Hobane’ng ha re Lumela Hore Sebe ke Ntho ea Sebele?—rs leq. 394 ¶3–leq. 395 ¶3 (5 mets.)
No. 3: Ho Nkela Ngoana ka Lapeng—Ho ne ho Talingoa le ho Etsoa Joang Joalokaha ho Hlalosoa ka Mangolong a Seheberu —it-1-E leq. 50 ¶3-6, Kapa U Iketsetse Lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Thusang Bana Hore ba Itokisetse Tšebeletso. Puisano. Bapala video ea E-ba Motsoalle oa Jehova—Ha re Eeng Tšimong. (Kena ho jw.org/st, ’me u shebe tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BANA.) Botsa bana: Ke kōpa bana ba nang le mekotlana ea tšimo ba phahamise matsoho? Le tšetse eng ka mekotlaneng ea lōna? Ntho ea pele eo Sophia a ileng a e tšela ka mokotlaneng oa hae ke eng? O ne a lokela ho tšela eng hape? Ka mor’a ho tšela lintho ka mokotlaneng, o ne a tla etsa’ng ea bohlokoa le ’mè oa hae? Kōpa ngoana e mong hore a etse pontšo ea ho tsamaisa limakasine.
10 mets: Kamoo ba Bang ba Bolelang Lentsoe ka Potlako. Moholo o buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba lokisitseng kemiso ea bona e le hore ba eketse nako eo ba e sebetsang tšimong kapa hore e be bo-pula-maliboho. Phethela ka ho bua ka litokisetso tsa phutheho tsa tšebeletso ea tšimo, ’me u khothalletse bohle hore ba nke mehato e ba thusang hore ba kopanele ka ho feletseng tšebeletsong.
10 mets: Na Tšebeletso ea Hao ea Tšimo e Ntlafetse? Puisano ka molebeli oa tšebeletso. Botsa bamameli hore na lihlooho tsa “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling” li ba thusitse joang hore ba ntlafatse likarolo tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea bona ea tšimo. Phethela ka ho khothalletsa bohle hore ba tsoele pele ba bolela litaba tse molemo ka potlako ka hore ba sebelise litlhahiso tse hlahang lihloohong tsena.
Pina ea 100 le Thapelo