Kemiso ea Thuto ea Beke ea la November 17
BEKE E QALANG KA LA 17 NOVEMBER
Pina ea 26 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 16 ¶1-9 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Deuteronoma 23-27 (10 mets.)
No. 1: Deuteronoma 25:17–26:10 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Seo Bibele e se Buang ka Moea (Soul)—rs leq. 312¶3–leq. 313 ¶3 (5 mets.)
No. 3: Ho Ikhabisa—Ho Ikhabisa ho Hlalosoa Joang ka Mangolong?—it-1-E leq. 51 ¶4-7, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Motsoalle oa ’Nete ke ea Joang? Puisano e thehiloeng videong ea litšoantšo tse torouoang botong ea Motsoalle oa ’Nete ke ea Joang? (Kena ho jw.org, ’me u shebe tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BACHA.) Qala ka ho bapalla bamameli video ena. Ka mor’a moo, sebelisa lipotso tsena puisanong ena: (1) Motsoalle oa ’nete ke ea joang? (2) U lokela ho batla motsoalle oa mofuta ofe? (3) U ka fumana motsoalle ea molemo joang? (4) U lokela ho etsa boiteko bofe e le hore setsoalle sa lōna se hōle?
10 mets: Re Tsebahala ka Lerato. (Joh. 13:35) Puisano e thehiloeng Bukeng ea Selemo ea 2014, leqepheng la 48, serapeng sa 1 ho ea leqepheng la 49, serapeng sa 3 le leqepheng la 69, serapeng sa 1, ho ea leqepheng la 70, serapeng sa 1. Kōpa bamameli hore ba bolele lintho tseo ba ithutileng tsona.
10 mets: “Tsela e Ncha le e Thabisang ea ho Paka Phatlalatsa.” Lipotso le likarabo. Haeba phutheho ea habo lōna e e-na le libaka tseo batho ba tsamaeang ho tsona ba le bangata, buisana le molebeli oa tšebeletso mabapi le litokisetso tsa ho paka phatlalatsa ’me u kōpe bamameli hore ba phete liphihlelo.
Pina ea 92 le Thapelo