Kemiso ea Thuto ea Beke ea la December 22
BEKE E QALANG KA LA 22 DECEMBER
Pina ea 15 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 17 ¶17-23, le lebokose le ho leq. 177 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Joshua 9-11 (10 mets.)
No. 1: Joshua 9:16-27 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Ha Motho a E-shoa ha ho na Karolo ea Hae e Pholohang Lefu—rs leq. 319 ¶5–leq. 320 ¶2 (5 mets.)
No. 3: Lerato—Loanela ho Lula U Rata Jehova le Batho ba mo Ratang—it-1-E leq. 55, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: Ntšang “lintho tse molemo” letlotlong le molemo le behiloeng tlhokomelong ea rōna.—Mat. 12:35a.
5 mets: Litlhoko tsa phutheho.
25 mets: “Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2015 se re Thusa ho Ntlafatsa Tsela eo re Rutang ka Eona.” Puisano e tsamaisoang ke molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Molebeli oa sekolo a ka ’na a etsa qeto ea hore lirapa tse ling li baloe pele ho buisanoa ka tsona. Totobatsa liphetoho tse entsoeng Puong ea 1, nako ea Lintlha-khōlō tsa ’malo oa Bibele le keletso e fanoang ke molebeli oa sekolo. Kōpa hore ho baloe serapa sa 7 ’me ka mor’a ho buisana ka sona, suthela pontšo ea moholo ea khannang thuto ea lelapa le mosali oa hae le ngoana ka bukana ea Selelekela sa Lentsoe la Molimo, leqepheng la 14. Khothalletsa bohle hore ba sebelise hamolemo koetliso e babatsehang ea puso ea Molimo e fanoang sekolong le hore ba sebelise hamolemo buka ea ho ithuta ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
Pina ea 117 le Thapelo