Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/15 leq. 2
  • E-ba ’Moleli ea Khemang le Linako

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba ’Moleli ea Khemang le Linako
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le ’ne le Behe Litholoana Tse Ngata”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • E-ba ’Moleli ea Hatelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Ho Thabela Kamano e Haufi Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bolela ka Morero oa ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 1/15 leq. 2

E-ba ’Moleli ea Khemang le Linako

1. Ke mehlala efe ea batho ba lekholong la pele la lilemo e bontšang hore re lokela ho ba baboleli ba khemang le linako?

1 Bakreste e lokela ho ba baboleli ba khemang le linako. Ke ka lebaka leo Jesu a ileng a koetlisa balateli ba hae hore ba ’ne ba ntlafatse tsebo ea bona mosebetsing oa boboleli. (Luka 9:1-5; 10:1-11) Akuila le Prisilla le bona ba ile ba nka Apolose hore a be le bona ’me ba “mo qaqisetsa tsela ea Molimo ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane.” (Lik. 18:24-26) Ho feta moo, Pauluse le eena o ile a khothalletsa ’moleli ea nang le phihlelo Timothea hore a tsoele pele ho ikitlaelletsa ho ruta e le hore tsoelo-pele ea hae e ka “bonahala ho batho bohle.” (1 Tim. 4:13-15) Ho sa tsotellehe hore na re sebelelitse Morena re le bahoeletsi ba litaba tse molemo ka nako e telele hakae, re lokela ho tsoela pele ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho bolela.

2. Re ka ithuta mohlaleng oa ba bang joang?

2 Ithute Mohlaleng oa ba Bang: Tsela e ’ngoe ea ho ntlafatsa tsebo ea rōna ke ka ho ithuta mohlaleng oa ba bang. (Liprov. 27:17) Ka hona, mamela ka hloko ha bahoeletsi-’moho le uena ba bua le batho tšimong. Kōpa ba nang le bokhoni ba ho buisana le batho hore ba u fe litlhahiso tse tobileng ’me u ba mamele ka hloko hore na ba re’ng. (Liprov. 1:5) Na ebe ha u tsebe hantle hore na maeto a ho boela a etsoa joang, hore na thuto ea Bibele e qalisoa joang kapa hore na u ka phetha karolo e itseng ea boboleli joang? Kōpa molebeli oa sehlopha sa lōna kapa mohoeletsi ea nang le boiphihlelo hore a u koetlise. U hopole hape hore moea oa Jehova o halalelang o ka ntlafatsa bokhoni ba rōna, kahoo u kōpe kamehla.—Luka 11:13.

3. Re lokela ho etsa’ng haeba re fuoa keletso le haeba re ne re sa e kōpa?

3 Haeba u fuoa keletso ea hore na u ka ntlafatsa hokae, u se ke ua khopeha le haeba u ne u sa e kōpa. (Moek. 7:9) Amohela thuso eo ka boikokobetso le ka kananelo, joaloka Apolose. Ho etsa seo ke bohlale.—Liprov. 12:15.

4. Jesu o ile a fana ka lebaka lefe le matla la hore re be baboleli ba khemang le linako?

4 Tsoelo-pele e Tlotlisa Molimo: Jesu o ile a etsa papiso ho khothalletsa balateli ba hae hore e be baboleli ba khemang le linako. O ile a itšoantša le sefate sa morara ’me a tšoantša balateli ba hae ba tlotsitsoeng le makala. O ile a re Ntate o hloekisa lekala le leng le le leng le behang litholoana “e le hore le ka beha litholoana tse eketsehileng.” (Joh. 15:2) Feela joalokaha mong’a tšimo ea morara a lakatsa hore makala a lifate tsa morara a behe litholoana tse eketsehileng, Jehova o batla hore re tsoele pele ho hōlisa bokhoni ba rōna ba ho hlahisa ‘litholoana tsa melomo ea rōna.’ (Baheb. 13:15) Ke phello efe e khotsofatsang eo re e thabelang ha re le baboleli ba khemang le linako? Jesu o re fa karabo ha a re: “Ntate o tlotlisoa ka sena, hore le ’ne le behe litholoana tse ngata.”—Joh. 15:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela