Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 26 January
BEKE E QALANG KA LA 26 JANUARY
Pina ea 99 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 19 ¶9-17 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Baahloli 5-7 (8 mets.)
No. 1: Baahloli 7:12-25 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Amnone—Sehlooho: Maikutlo a Bontšang Boithati a ho Kopanela Liphate a Kotsi—it-1-E leq. 96, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
No. 3: Litsela Tseo re ka Ithutang Jehova ka Tsona —igw leq. 5 ¶1-4 (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Sebeletsa Morena Joaloka Lekhoba ka ho Ikokobetsa ho Hoholo.”—Lik. 20:19.
10 mets: Lingoliloeng Tse Tsamaisoang ka January le February. Puisano. Kōpa bamameli hore ba phete liphihlelo tse monate tseo ba bileng le tsona ha ba ne ba tsamaisa bukana ea Litaba Tse Molemo. Suthela pontšo e khutšoanyane e bontšang hore na bukana eo e ka tsamaisoa joang. Ka mor’a moo, buisanang ka sehlooho se reng, “Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tsamaea Hang-hang?”
10 mets: Baholo ba Sebeletsang Morena Joaloka Makhoba—Mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa. Puisano le mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa e thehiloeng lipotsong tsena: U etsa’ng hore u phethe kabelo ea hao? U lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa joang? Ke hobane’ng ha u sa khone ho supa motho e mong le e mong ea phahamisang letsoho hore a arabele? Ke joang motho ea balang lirapa, batho ba fanang ka likarabo le barab’abo rōna ba tsamaisang libuela-hōle ba ka kenyang letsoho hore Thuto ea Molula-Qhooa e be e ruisang molemo le e monate?
10 mets: “Sebelisang Karolo ea ‘E-ba Motsoalle oa Jehova’ e Hlahang ho jw.org Tšimong.” Puisano. Hlalosa tse ling tsa lintho tse hlahang karolong ena ea Websaete ea rōna ’me u bapalle bamameli e le ’ngoe. Kōpa bamameli hore ba bolele litsela tseo ba ka sebelisang se hlahang karolong ea “E-ba Motsoalle oa Jehova” ha ba paka ka ntlo le ntlo, phatlalatsa le ka tsela e sa reroang.
Pina ea 135 le Thapelo