Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 2 March
BEKE E QALANG KA LA 2 MARCH
Pina ea 5 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 21 ¶1-8 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Ruthe 1-4 (8 mets.)
No. 1: Ruthe 3:14–4:6 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Akuila—Sehlooho: E-ba Motho ea Pakang ka Cheseho le ea Amohelang Baeti—it-1-E leq. 138, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
No. 3: Boikokobetso le Matla a Kreste Morena—igw leq. 8 ¶5–leq. 9 ¶4 (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Chesehelang Mesebetsi e Metle”!—Tite 2:14.
10 mets: Tsamaisa Limakasine ka March. Puisano. Qala ka ho suthela pontšo e bontšang kamoo limakasine li ka tsamaisoang kateng ho sebelisoa mehlala e leqepheng lena. Khothalletsa bohle hore ba bale limakasine ka hloko.
10 mets: “Susumeletsanang Mesebetsing e Metle ka Cheseho.” Puisano. Totobatsa kamoo sehlooho sa khoeli se ileng sa buelloa kateng Libokeng Tsa Tšebeletso ka February.
10 mets: Re Sebelitse Joang? Puisano. Kōpa bamameli hore ba bolele kamoo ba ruileng molemo kateng ha ba sebelisa lintlha tse sehloohong se reng “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Paka ka Intercom.” Haeba ho na le bahoeletsi ba ileng ba paka ka intercom, e-re ba bolele hore na ba ile ba etsa seo joang.
Pina e ncha “Lebitso la Hao ke Jehova” le Thapelo
Hopola: Re kōpa hore le bapale pina hanngoe ’me ka mor’a moo phutheho e bine pina e ncha.