Lebokose La Lipotso
◼ Ke neng moo ho loketseng ho khaotsa thuto ea Bibele?
Haeba motho eo u ithutang Bibele le eena a sa hatele pele, ka masene ho ka hlokahala hore u khaotse thuto. (Mat. 10:11) Ipotse: Na o hlompha nako eo le lumellaneng ka eona ea ho ithuta? Na o lokisetsa thuto? Na o kile a ba teng libokeng? Na o bolella ba bang seo a ithutang sona? Na o fetola tsela eo a phelang ka eona ho latela melao-motheo ea Bibele? Ho hlakile hore u tla ela hloko lilemo le bokhoni ba motho eo u ithutang le eena, u ntse u hopola hore batho ha ba tšoane. Hape, haeba u khaotsa ho ithuta le eena, mo bolelle hore u ikemiselitse ho tsoela pele ho ithuta le eena ha a se a loketse ho etsa joalo.—1 Tim. 2:4.