February 6-12
ESAIA 47-51
Pina ea 120 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jehova oa re Hlohonolofatsa ha re mo Mamela”: (10 mets.)
Esa 48:17—Borapeli ba ’nete bo itšetlehile ka ho mamela litaelo tsa Molimo (ip-2 131 ¶18)
Esa 48:18—Jehova o batla re thabele bophelo hobane oa re rata (ip-2 131 ¶19)
Esa 48:19—Re tla fumana litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng haeba re mamela litaelo tsa Jehova (ip-2 132 ¶20-21)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Esa 49:6—Ho tla joang hore Mesia e be “leseli la lichaba,” le hoja ha a ne a le lefatšeng a ne a sebeletsa bara ba Iseraele feela? (w07 1/15 9 ¶8)
Esa 50:1—Ke hobane’ng ha Jehova a ile a re ho sechaba sa Iseraele: “Joale, le hokae lengolo la tlhalo la ’m’a lōna?” (it-1-E 643 ¶4-5)
Ke ithuta’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ena?
Ke lintlha life tse hlahang ’malong oa Bibele oa bekeng ena tseo nka li sebelisang tšebeletsong ea tšimo?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Esa 51:12-23
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Lokisetsa Seo U Tla se Bua Khoeling Ena: (15 mets.) Puisano e thehiloeng livideong. Bapala livideo tse bontšang mehlala ea seo re ka se buang le batho, ebe u buisana le bamameli ka lintlha tsa bohlokoa. Khoeling ea February, bahoeletsi ba tla fana ka bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (7 mets.) Haeba li le sieo, buisana le bamameli ka lintlha tse hlahang Bukeng ea Selemo. (yb16 144-145)
E-ba Motsoalle oa Jehova—Mamela Jehova: (8 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala video ea E-ba Motsoalle oa Jehova—Mamela Jehova. Ebe le buisana ka lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela Jehova? (Lipr 27:11) Bana ba ka bontša joang hore ba mamela Jehova? Batho ba baholo le bona ba ka bontša joang hore ba mamela Jehova?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) kr khao. 8 ¶1-7 le lebokose le reng “Litaba Tse Molemo li Boleloa ka Lipuo Tse Fetang 670”
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 98 le Thapelo