PHELA JOALOKA MOKRESTE
U ka Atleha ho sa Tsotellehe “Moutloa Nameng”
Matsatsing ana a mahlonoko a ho qetela, bahlanka bohle ba Molimo ba kopana le mathata a kang moutloa nameng. (2Ti 3:1) Re ka itšetleha ka Jehova joang e le hore re khone ho sebetsana le mathata aa ka katleho? Shebellang video ea “Mahlo a Lifofu a Tla Tutuboloha” e le ho bona hore na Talita Alnashi le batsoali ba hae ba ile ba etsa’ng, ebe le araba lipotso tse latelang:
Ke eng eo e leng “moutloa nameng” ho Talita?
Ke litšepiso life tse hlahang ka Bibeleng tse ileng tsa thusa Talita le batsoali ba hae hore ba lule ba e-na le tšepo?
Ka mor’a hore Talita a etsoe opereishene, batsoali ba hae ba ile ba bontša joang hore ba tšepile Jehova?
Batsoali ba Talita ba ile ba sebelisa lintho tse entsoeng ke mokhatlo oa Molimo joang e le ho mo thusa hore a rate Molimo haholoanyane?
Talita o ile a bontša joang hore o na le kamano e ntle le Molimo ho sa tsotellehe “moutloa nameng”?
Pale ea Talita e u khothalitse joang?