La 27 May–la 2 June
BAGALATA 1-3
Pina ea 106 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ke ile ka mo Hanyetsa Lifahleho li Talimane”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Bagalata.]
Gal 2:11-13—Petrose o ile a ikhula ho barab’abo ba balichaba hobane a tšaba Bakreste ba Bajuda ba neng ba tlil’o mo bona (w17.04 27 ¶16)
Gal 2:14—Pauluse o ile a khalemela Petrose (w13 3/15 5 ¶12)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Gal 2:20—U lokela ho ikutloa joang ka thekollo, hona hobane’ng? (w14 9/15 16 ¶20-21)
Gal 3:1—Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re Bagalata ha ba na “kelello”? (it-1-E 880)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
U fumane matlotlo afe a mang ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Gal 2:11-21 (th khaolo ea 10)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala video ebe le buisana ka eona.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho. (th khaolo ea 2)
Thuto ea Bibele: (5 mets. kapa ka tlaase ho moo) bhs 202 ¶18-19 (th khaolo ea 6)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Kamoo Bohle re ka Kenyang Letsoho ho Hlokomela Libaka Tsa Rona Tsa Borapeli”: (15 mets.) Puisano ka moholo. Ka mor’a ho bapala video ea Ho Hlokomela Libaka tsa Rona Tsa Borapeli le ho botsa lipotso, ka bokhutšoanyane buisana le setho sa komiti ea tšebetso ka ho mo botsa lipotso tse latelang. (Haeba phutheho ea lona e se na moemeli oa komiti, buisana le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo. Haeba phutheho ea lona ke eona feela e sebelisang Holo ea ’Muso, buisana le mor’abo rona ea ikarabellang tabeng ea tlhokomelo ea Holo.) Na re ntse re hlokomela Holo ea rona hantle kamehla joalokaha ho hlophisitsoe? Na re sebetsa ka tsela e sireletsehileng? Ke mesebetsi efe e seng e entsoe holong ee ea rona le eo ho reriloeng hore e tle e etsoe, e le ho e boloka e le boemong bo botle? Haeba motho a na le litsebo tsa mohaho kapa a ka rata ho ithuta ho ba nang le tsona, o lokela ho etsa’ng? Ke joang bohle re ka kenyang letsoho ho hlokomela Holo ea ’Muso, ho sa tsotellehe maemo a rona?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) cf khao. 8¶10-17
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 60 le Thapelo