PHELA JOALOKA MOKRESTE
Etsisa Josefa ka Hore u Qobe Bohlola
Josefa o re behetse mohlala o motle oo re ka o etsisang haeba re ka lekeha hore re etse boitšoaro bo bobe. Nako le nako ha mosali oa mong’a hae a mo hoka-hoka hore a robale le eena, Josefa o ile a hana. (Gen 39:7-10) O ne a tseba hore banyalani ba lokela hore ba tšepahallane, ke ka kahoo a ileng a araba mosali oa Potifaro a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?” Josefa haa ka a ema moo pel’a mosali eo eaba o ntse a nahana ka ntho ena eo mosali eo a e buang. Empa o ile a baleha e le ho qoba hore a se ke a qetella a entse bohlola le mosali enoa.—Gen 39:12; 1Ko 6:18.
SHEBELLANG VIDEO EA BALEHELANG BOHLOLA EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Jin o ile a ba boemong bofe?
O ile a ipotsa lipotso life ha Mee-Kyong a mo kopa hore a mo thuse ka thuto ea lipalo?
Kopo ee ea Mee-Kyong e ile ea ama Jin joang?
Jin o ile a fumana thuso joang?
Jin o ile a etsa’ng e le hore a qobe ho etsa bohlola?
U ithutile’ng videong ee?