La 2-La 8 November
EXODA 39-40
Pina ea 89 le Thapelo
Selelekela (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Moshe o ile a Latela Litaelo Tsohle”: (10 mets.)
Ex 39:32—Ha ho ne ho hahoa tabernakele, Moshe o ile a mamela litaelo tsohle tsa Molimo (w11 9/15 27 ¶13)
Ex 39:43—Kamor’a hore tabernakele e qetoe, Moshe o ile a e hlahloba
Ex 40:1, 2, 16—Moshe o ile a latela litaelo tsa Jehova ha ho hahoa tabernakele (w05 7/15 27 ¶3)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
Ex 39:34—E ka ’na eaba Baiseraele ba ne ba nka matlalo a liqibi hokae ao ba ileng baa sebelisa ho haha tabernakele? (it-2-E 884 ¶3, 4)
Ex 40:34—Ho ne ho bolela’ng ha leru le koahetse tabernakele? (w15 7/15 21 ¶1)
’Malong oa Bibele oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova? Ke lintlha life tseo u ka ratang ho li sebelisa tšimong kapa tse ling feela tseo u li ratileng?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ex 39:1-21 (th khaolo ea 5)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video ea Leeto la Pele: (4 mets.) Puisano. Bapala video ebe u e emisa hohle moo e khefutsang teng. Botsa bamameli lipotso tse hlahang videong, kamor’a moo le buisane ka hore na le ka lula le sa nke lehlakore joang leha mong’a ntlo a batla le bue ka litaba tsa lipolotiki kapa lintho tse etsahalang sechabeng.
Leeto la Pele: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Araba mong’a ntlo ea batlang ho tseba hore na u ikutloa joang ka lipolotiki kapa ralipolotiki ea itseng. (th khaolo ea 12)
Puo: (5 mets. kapa ka tlaase ho moo) w16.04 23 ¶8-10—Sehlooho: Re ka Qoba ho Nka Lehlakore Joang ka Lintho Tseo re li Buang le Tseo re li Nahanang? (th khaolo ea 14)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Mamela ka Sepheo sa Hore u Utloisise (Mat 13:16): (15 mets.) Bapala video. Kamor’a moo, botsa bamameli lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela ka sepheo sa ho utloisisa? Mareka 4:23, 24 e bolela’ng? U ka etsa mohlala ofe ha u hlalosa Baheberu 2:1? Re bontša joang hore re mamela ka sepheo sa ho utloisisa?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets. kapa ka tlaase ho moo) ia khao. 23 ¶1-14
Phethela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
Pina ea 120 le Thapelo