MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 39-40
Moshe o ile a Latela Litaelo Tsohle
Moshe o ile a latela litaelo tsohle tseo Jehova a ileng a mo laela tsona mabapi le ho haha le ho hloma tabernakele. Ka tsela e tšoanang le rona re lokela ho mamela litaelo tsohle tseo re li fumanang ho tsoa mokhatlong oa Jehova kapele ebile ele ka pelo eohle. Re lokela ho etsa joalo le haeba ho bonahala eka litaelo tseo re li fuoang ha se tsa bohlokoa kapa re sa utloisisa hore na ke hobane’ng ha re li fuoe.—Lu 16:10.
Ke hobane’ng ha re lokela ho mamela le ho latela litaelo tseo re li fuoang . . .
sebokeng sa tšebeletso ea tšimo?
mabapi le ho lokisetsa bokuli ba tšohanyetso?
mabapi le ho itukisetsa likoluoa?