Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
© 2024 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
LA 6-12 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 127-134
Batsoali, Tsoelang Pele ho Hlokomela Bana ba Lona
Ananela ho ba Setho sa Lelapa la Jehova
9 Jehova o file batho bokhoni ba hore ba be le bana hammoho le boikarabelo ba hore ba ba rute ho mo rata le ho mo sebeletsa. Haeba u motsoali, na u ananela mpho ee ea bohlokoa? Jehova o file mangeloi bokhoni ba ho etsa lintho tse ngata tse hlollang empa ha aa fa bokhoni ba ho ba le bana. Kahoo haeba u motsoali, u lokela ho ananela monyetla ona oo Jehova a u fileng oona oa hore u holise bana. Batsoali ba fuoe boikarabelo ba bohlokoa ba hore ba holise bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baef. 6:4; Deut. 6:5-7; Pes. 127:3) Mokhatlo oa Molimo o fana ka lithulusi tse ngata tse thehiloeng Bibeleng tse kang lingoliloeng, livideo, ’mino le lihlooho tse hlahang websaeteng e le hore li thuse batsoali ho holisa bana ba bona. Ho hlakile hore ntate oa rona le Mora oa hae ba rata bana haholo. (Luka 18:15-17) Jehova oa thaba ha batsoali ba itšetleha ka eena le ho etsa kahohle ho hlokomela bana ba bona. Ha batsoali ba etsa joalo, ba thusa bana ba bona hore ba be le tšepo ea hore le bona e tla ba karolo ea lelapa la Jehova ka ho sa feleng.
Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova
20 Tseba bana ba hao hantle. Pesaleme ea 127 e tšoantša bana le metsu. (Bala Pesaleme ea 127:4.) Joalokaha metsu e etsoa ka lintho tse sa tšoaneng e bile e fapana ka boholo, le bana ha ba tšoane. Kahoo, batsoali ba lokela ho tseba hore na ba koetlisa ngoana ka mong joang. Banyalani ba lulang naheng ea Iseraele ba ileng ba atleha ho holisa bana ba bona ba babeli hore ba sebeletse Jehova, baa re bolella hore na ba ile ba thusoa ke’ng. Ba re: “Re ne re ruta ngoana a le mong Bibele ka nako.” Ke ’nete hore hlooho ea lelapa ke eona e lokelang ho etsa qeto ea hore na ho ithuta le bana ka tsela ena ho molemo le hore na hoa khoneha.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 543
Limela Tse Hlahang ka Bibeleng
Mopesaleme o buile ka lintho tseo sefate sa mohloaare se khonang ho li etsa ha a ne a bua ka batho ba tšabang Jehova, o ile a re: “Bara ba hao ba tla u pota-pota joaloka mahlomela a sefate sa mohloaare tafoleng ea hao.” (Ps 128:1-3) Mahlomela kapa makala a sefate sa mohloaare aa pongoa ebe a sebelisoa ho qala lifate tse ncha. Ka linako tse ling lifate tsa mohloaare tsa khale li hlahisa lifate tse ling tse nyenyane ho tsoa methapong ea tsona e le ho ikatisa. Joaloka lifate tseo tse nyenyane, bara ba ne ba pota-pota ntate oa bona ebe lelapa lohle lea thaba.
LA 13-19 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME 135-137
“Morena oa Rona o Moholo ho Feta Melimo e Meng Eohle”
it-2-E 661 ¶4-5
Matla, Mesebetsi e Matla
Tsela eo Molimo a laolang lintho tsa tlhaho ka eona e ea ikhetha. E le hore Jehova a bontše hore ke Molimo oa ’nete, ke ho utloahalang hore re lebelle hore a sebelise matla a hae ho laola popo ka tsela e tla bontša hore ke Molimo ea ikhethang. (Ps 135:5, 6) Letsatsi, khoeli, lipolanete, linaleli, maemo a leholimo (moea, pula le maemo a mang), sehlopha sa litsie, linonyana tse fallang le lintho tse ling tse etsahalang ka tsela ea tlhaho, kaofela ha tsona li latela melao ea tlhaho. Ho ntse ho le joalo ha li fane ka bopaki bo lekaneng ba hore lebitso la Molimo le halaletsoe ho batho ba bolumeli ba bohata kapa ba re hanyetsang.
Leha ho le joalo, Jehova Molimo a ka khona ho sebelisa popo le melao ea tlhaho ka tsela e sa tloaelehang ho phethahatsa merero ea hae ka nako e behiloeng ke eena e le ho paka hore ke Molimo oa ’nete. Le hoja lintho tse kang komello, pula e nang ka sefefo kapa maemo a mang a leholimo e le lintho tse tloaelehileng, tsela eo Jehova a ileng a li sebelisa ka eona ho phethahatsa boprofeta ba hae e ile ea etsa hore e be tse ikhethang. (Bapisa le 1Ma 17:1; 18:1, 2, 41-45.) Leha ho le joalo, ka linako tse ling lintho tsena e ne e e-ba liketsahalo tse ikhethang hobane li ne li e-ba matla haholo (Ex 9:24) kapa li etsahala ka tsela e sa tloaelehang ebile e le ntho eo batho ba qalang ho e bona kapa li etsahala ka linako tse sa lebelloang.—Ex 34:10; 1Sa 12:16-18.
Mosa o Lerato oa Jehova o U Tsoela Molemo Joang?
16 Ha Jehova e le Setšabelo sa rona re ikutloa re sireletsehile. Ho ntse ho le joalo, ka matsatsi a mang re ka ’na ra nyahama ha ba ha e-ba thata ho khaotsa ho ikutloa ka tsela eo. Jehova o tla re thusa joang ha re ikutloa ka tsela eo? (Bala Pesaleme ea 136:23.) O tla re tšehetsa a be a re thuse hore re se ke ra hlola re ikutloa ka tsela eo. (Pes. 28:9; 94:18) Re fumana molemo ofe? Ho tseba hore Molimo o lula a re tšehetsa ho re thusa ka litsela tse peli. Ea pele, ho sa tsotellehe hore na re lula hokae rea tseba hore Jehova o tla lula a re sireletsa. Ea bobeli, Ntate oa rona ea lerato o re tsotella haholo.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 1248
Jah
Lentsoe Jah hangata le sebelisoa ha ho rorisoa, ho binoa, ho rapeloa ebile ho etsoa lithapeli hape batho ba le sebelisa ha ba thabetse ho hlola kapa ho lopolloa kapa nakong eo ba bonang letsoho le matla la Molimo. Mehlala ea moo lentsoe lena le sebelisitsoeng teng e mengata. Polelo e reng “Rorisang Jah!” (Hallelujah) e sebelisoa ha ho rorisoa Molimo bukeng ea Lipesaleme ’me e qala ho hlaha ho Pesaleme ea 104:35. Lipesalemeng tse ling e hlala qalong feela (Ps 111, 112), ka linako tse ling e hlaha mahareng (135:3) kapa qetellong feela (Ps 104, 105, 115-117) empa ka linako tse ling e hlaha qalong le qetellong (Ps 106, 113, 135, 146-150). Bukeng ea Tšenolo batho ba bangata ba leholimong ba sebelisa polelo ena ka makhetlo ha ba rorisa Jehova.—Tše 19:1-6.
Litemaneng tse ling moo lentsoe “Jah” le sebelisitsoeng, ke moo batho ba neng ba rorisa Jehova ka lipina le moo ba neng ba etsa lithapeli. Ho na le pina eo Moshe a ileng a e bina kamor’a ho lopolloa. (Ex 15:2) Litemaneng tseo Esaia a li ngotseng ho sebelisitsoe mabitso “Jah Jehova” ho hatisa taba. (Esa 12:2; 26:4) Ezekiase o ile a rorisa Jehova kamor’a hore a mo folise ka mohlolo nakong eo a neng a kulela lefu, o ile a tšollela pelo ea hae ho Jehova ka ho bitsa Jah ka makhetlo. (Esa 38:9, 11) Ho na le phapang pakeng tsa bafu ba ke keng ba khona ho rorisa Jah le batho ba ikemiselitseng ho phelela ho mo rorisa. (Ps 115:17, 18; 118:17-19) Lipesaleme tse ling ke lithapelo tsa kananelo ea ho pholosoa, ho sireletsoa le ho khalemeloa.—Ps 94:12; 118:5, 14.
LA 20-26 JANUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENGPESALEME 138-139
U se ke oa Lumella Letsoalo ho u Sitisa ho Arabela ha u le Libokeng
Rorisang Jehova Har’a Phutheho
10 Mohlomong u sehoa ke mala ha u tlameha ho araba. Ha se uena feela. Boholo ba rona re tšetšethoa ke letsoalo ha re tlameha ho araba. E le hore u se ke oa tšoha, u lokela ho tseba hore na ke eng e u tšosang. Mohlomong u tšoha hore u tla lebala karabo ea hao kapa u tla fana ka e fosahetseng. Kapa mohlomong u nahana hore karabo ea hao e ke ke ea e-ba monate joaloka tsa ba bang. Letsoalo leo ha le bontše u le lekoala empa le bontša hore u ikokobelitse kaha u nka ba bang ba u phahametse. Ebile Jehova o rata batho ba ikokobelitseng. (Pes. 138:6; Bafil. 2:3) Empa o batla hore u mo rorise u be u khothatse balumeli-’moho le uena ka hore u arabe. (1 Bathes. 5:11) Kholiseha hore oa u rata ebile u tla u thusa hore u be sebete.
Khothatsa ba Bang ha U le Libokeng
7 U ka thusoa ke ho sheba litlhahiso tse ling tse hlahang limakasineng tsa Molula-Qhooa tse fetileng. Ka mohlala, lokisetsa hantle. (Liprov. 21:5) Ha u utloisisa hantle hore na sehlooho se bua ka eng, u ke ke oa tšoha haholo ha u arabela. Lokisetsa hore u fane ka likarabo tse khutšoanyane. (Liprov. 15:23; 17:27) Ha u fana ka likarabo tse khutšoanyane, u ke ke oa tšoha haholo ho feta ha u fana ka tse telele. Karabo e khutšoanyane e ka etsa hore ho be bonolo hore Bakreste-’moho ba utloisise seo u se buang ho feta ho fana ka karabo e telele e nang le lintlha tse ngata. Ha karabo ea hao e le khutšoanyane ebile u e beha ka mantsoe a hao, u tla be u bontša hore u lokiselitse hantle ebile u utloisisa seo ho buuoang ka sona.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 862 ¶4
Ho Tšoarela
Mokreste o lokela ho tšoarela batho ba bang ha ba mo foselitse ho sa tsotellehe makhetlo ao ba mo foselitseng ka ’ona. (Lu 17:3, 4; Ef 4:32; Kol 3:13) Jehova ha a tšoarele batho ba sa tšoareleng batho ba bang. (Mat 6:14, 15) Leha ho le joalo, haeba motho a etsa sebe se tebileng ’me “moetsalibe” ea joalo a tlosoa ka phuthehong ebe ka mor’a nako e itseng o bontša hore o bakile e le kannete, a ka tšoareloa. Kahoo, bohle ba ka phuthehong ba ka mo kholisa hore baa mo rata. (1Ko 5:13; 2Ko 2:6-11) Leha ho le joalo, ha hoa lebelloa hore Bakreste ba tšoarele batho ba ratang ho utloisa batho ba bang bohloko le ba tloaetseng ho etsa sebe ka boomo ba sa bake. Batho ba joalo e ba lira tsa Molimo.—Heb 10:26-31; Ps 139:21, 22.
LA 27 JANUARY–LA 2 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 140-143
Etsa Lintho Tumellanong le Lithapelo Tsa Hao
Mamela “Mantsoe a ba Bohlale”
13 Nka keletso e le tsela eo Molimo a u bontšang hore oa u rata. Jehova o re batlela se molemo. (Liprov. 4:20-22) O bontša hore oa re rata ka ho re fa keletso a sebelisa Lentsoe la hae, lingoloa tse thehiloeng Bibeleng kapa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Baheberu 12:9, 10 e re: “O etsa joalo molemong oa rona.”
14 Nahana ka keletso eseng tsela eo e fanoeng ka eona. Ka linako tse ling, re ka ’na ra nahana hore ha rea fuoa keletso ka tsela e nepahetseng. Ke ’nete hore motho ea fanang ka keletso o lokela ho etsa hore ho be bonolo hore motho e mong a e amohele. (Bagal. 6:1) Leha ho le joalo, haeba e le rona ba eletsoang re lokela ho nahana ka keletso eo re e fuoang le hoja re ka nka hore re ka be re elelitsoe ka tsela e fapaneng. Re ka ’na ra ipotsa lipotso tsena: ‘Le hoja ke sa rata tsela eo keletso e fanoeng ka eona, na ho na le ntho eo nka ithutang eona ho eona? Na nka iphapanyetsa liphoso tsa motho ea nkeletsang ebe ke ithuta ho hong ho keletso eo a mphang eona?’ E ka ba bohlale hore re fumane ntho eo re ka ithutang eona ho keletso leha e le efe eo re e fumanang.—Liprov. 15:31.
Lula U E-na le “Pelo e Hloekileng” Linakong Tsena Tse Mahlonoko
Bahlanka ba bang ba Molimo ba ’nile ba nyahama ka lebaka la ho hatelloa ke bahanyetsi, mathata a moruo le ho kula haholo. Ka linako tse ling, lipelo tsa bona le tsona li ’nile tsa ameha hampe. Esita le Morena Davida o ile a etsahalloa ke seo, ’me o ile a re: “Moea oa ka oa tepella ka hare ho ’na; pelo ea ka e iponahatsa e feletsoe ke matla ka hare ho ’na.” (Pes. 143:4) O ile a thusoa ke eng linakong tse thata joalo? Davida o ile a hopola tsela eo Molimo a ileng a sebetsana le bahlanka ba Hae ka eona le kamoo eena ka boeena a ’nileng a lopolloa kateng. O ile a nahanisisa ka seo Jehova a neng a se entse molemong oa lebitso la Hae le leholo. Davida o ile a lula a tšoarehile ka mesebetsi ea Molimo. (Pes. 143:5) Ka tsela e tšoanang, ho nahanisisa ka ’Mopi oa rona le ka sohle seo a re etselitseng sona le seo a ntseng a tsoela pele ho re etsetsa sona, ho tla re thusa leha re thulana le liteko.
Na ho Nyala “Feela Moreneng” e sa Ntse e le Ntho e Utloahalang?
Ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa joaloka Davida, ea ileng a re: “Potlaka, u nkarabe, Jehova. Moea oa ka o felile. U se ke ua mpatela sefahleho sa hao.” (Pesaleme ea 143:5-7, 10) U se ke ua felloa ke tšepo. E fa Jehova nako ea hore a u bontše seo a batlang hore u se etse. Mamela Jehova ka ho bala Bibele le ka ho thuisa ka seo u se balileng. Sena se tla u thusa hore u tsebe seo Jehova a se hlokang ho uena le kamoo a ileng a thusa bahlanka ba hae nakong e fetileng. Ha u mamela litaelo tsa hae, seo se tla u matlafalletsa ho lula u mo mamela.
Matlotlo a Patiloeng
it-2-E 1151
Chefo ea Noha
Ka Tsela ea Tšoantšetso. Mashano le liketselletso tsa batho ba khopo tse senyang botumo ba motho e mong li tšoantšoa le chefo ea noha e bolaeang. (Ps 58:3, 4) Bibele ha e bua ka baetselletsi e re: “Lintho tseo ba li buang li kotsi joaloka chefo ea noha ea marabe.” Le hoja chefo ea noha e le menong a eona, e ntse e le kotsi. (Ps 140:3; Bar 3:13) Ha motho a sebelisa leleme la hae hampe ka hore a etseletse batho ba bang, a ba bua hampe, a ruta mashano kapa a bua lintho tse kotsi, leleme la hae “le tletse chefo.”—Jak 3:8.
LA 3-9 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 144-146
“Ho Thaba Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova!”
Lipotso Tse Tsoang Ho Babali
2. Mantsoe a fetotsoeng a lumellana hantle le khaolo ea 144 ea pesaleme. Lentsoe “kahoo” le sebelisitsoeng temaneng ea 12 le bontša hore litlhohonolofatso tse hlahang litemaneng tsa 12 ho ea ho 14 li tlela batho ba lokileng e leng bao temaneng ea 11 ba kopang ho lokolloa kapa ho lopolloa ho batho ba khopo. Phetoho ena e boetse e hlaha temaneng ea 15 moo poleloana “ho thaba” e hlahang habeli ’me e bua ka batho ba le bang, e leng batho bao “Molimo oa bona e leng Jehova.” Hopola hape hore Seheberu sa pele se ne se se na matšoao a kang a ho qotsa. Kahoo bafetoleli ba lokela ho fetolela ka tsela e nepahetseng, ba shebe mokhoa oa Seheberu oa ho ngola e leng oa thothokiso, tsela eo mantsoe a sebelisitsoeng ka eona le litemana tse amanang le e lokelang ho fetoleloa.
3. Mantsoe a fetotsoeng a lumellana le litemana tse ling tsa Bibele tse bontšang hore batho ba Molimo ba tšepahalang ba tla fumana litlhohonolofatso. Kaha joale ho fetotsoe lentsoe asher, Lengolo la pesaleme le bontša ka tsela e hlakileng tšepo eo Davida a neng a e-na le eona ka mor’a hore Jehova a lokolle Baiseraele lireng tsa bona. O ne a tla ba hlohonolofatsa ka hore ba thabe ’me ba be le nala. (Lev. 26:9, 10; Deut. 7:13; Pes. 128:1-6) Mohlala, Lengolo la Deuteronoma 28:4 le re: “Litholoana tsa mpa ea hao li tla hlohonolofatsoa le litholoana tsa naha ea hao le litholoana tsa phoofolo ea hao e ruuoang, namane ea khomo ea hao le se tsoetsoeng ke mohlape oa hao.” Ho ile ha fela ha e-ba joalo. Pusong ea mor’a Davida e leng Solomone, batho ba ne ba phela ka khotso ba bile ba e-na le matletse-tletse a lijo. Hape, lintho tse molemo tse etsahetseng pusong ea Solomone li ne li bontša hore na pusong ea Jesu ho tla ba joang.—1 Mar. 4:20, 21; Pes. 72:1-20.
Lula U E-na le Tšepo e Tiileng
16 Tšepo ea rona ea bophelo bo sa feleng ke mpho e tsoang ho Molimo. Re lebeletse bokamoso bo thabisang haholo boo re tsebang hantle hore boa tla, ho bata kapa ho chesa. Tšepo ena e tšoana le ankora kaha e re thusa hore re se ke ra tsukutloa ke mathata, re mamelle ha re hlorisoa esita leha re tobane le lefu. E tšoana le helmete kaha e sireletsa likelello tsa rona e le hore re se ke ra ba le menahano e ka etsang hore re etse lintho tse fosahetseng. E boetse e re thusa hore re etse lintho tse nepahetseng. Tšepo eo Bibele e re fang eona e re atametsa ho Molimo ebile e re thusa ho bona hore na o re rata haholo hakae. Re fumana molemo o moholo haeba re lula re e-na le tšepo e matla.
17 Pauluse o ile a khothalletsa Baroma hore ba ‘thabe ka lebaka la tšepo eo ba nang le eona.’ (Bar. 12:12) Pauluse o ne a thabile hobane o ne a tseba hore o tla phela ka ho sa feleng leholimong hafeela a ntse a tšepahala. Le rona re ka thabela tšepo eo re nang le eona hobane rea tseba hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae. Mopesaleme o ile a ngola a re: “Ho thaba motho . . . ea tšepileng Jehova Molimo oa hae . . . ea lulang a tšepahala.”—Pes. 146:5, 6.
Ke Lerato la Mofuta Ofe le Tla re Thabisa e le Kannete?
19 Jehova o haufi le ho timetsa Satane hobane o sotlile batho ka lilemo tse ka bang 6 000. Hona joale batho ba bangata ke baithati, ba rata chelete le menyaka. Ba nahana feela ka lintho tseo ba batlang ho li fumana ’me lintho tseo ba li batlang, ke tsona tse tlang pele bophelong ba bona. Leha ho le joalo, batho bao ba ke ke ba thaba. Bibele e re: “Ho thaba eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e leng ho Jehova Molimo oa hae.”—Ps. 146:5.
20 Lerato leo batho ba Jehova ba mo ratang ka lona, le lula le eketseha. Selemo le selemo batho ba bang ba bangata e ba bahlanka ba hae ’me le bona baa mo rata. Hona ke bopaki ba hore ’Muso oa Molimo oa busa ’me haufinyane o tla tlisetsa batho litlhohonolofatso tse ngata. Ha re etsa lintho tseo Jehova a li ratang, re tla thaba hobane re tseba hore re thabisa Ntate oa rona ea leholimong. Batho ba ratang Jehova ba tla thaba ka ho sa feleng. Sehloohong se latelang, re tla bua ka mekhoa e mebe e bakoang ke boithati ’me re bone kamoo mekhoa ena e fapaneng kateng le makhabane ao Bakreste ba lokelang ho ba le ’ona.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 111 ¶9
Liphoofolo
Bibele e re re lokela ho tšoara liphoofolo hantle le ho li hlokomela. Jehova o itsebahatsa e le eena ea li fang bophelo le ea li hlokomelang. (Pr 12:10; Ps 145:15, 16) Molao oa Moshe o ne o hatisa bohlokoa ba ho hlokomela liphoofolo tse ruuoang. Haeba motho a fumana liphoofolo tse hlahlathetseng o ne a lokela ho li khutlisetsa ho mong’a tsona le haeba a fumana li tšoasehile o ne a lokela ho li thusa. (Ex 23:4, 5) Li ne li lokela ho tšoaroa hantle. (De 22:10; 25:4) Le tsona li ne li lokela ho phomola ka Sabatha. (Ex 20:10; 23:12; De 5:14) Liphoofolo tse neng li le kotsi li ne li lokela ho koalloa kapa li bolaoe. (Ge 9:5; Ex 21:28, 29) Ho ne ho sa lumelloa hore liphoofolo tsa mefuta e ’meli li tlolelane.—Le 19:19.
LA 10-16 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG PESALEME EA 147-150
Re na le Mabaka a Mangata a Hore re Rorise Jah
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Rorisa Jah’?
5 Jehova ha aa ka a tšelisa Moiseraele a le mong empa o ile a tšelisa sechaba sohle. Le mehleng ena Jehova o tšelisa bahlanka bohle ba hae. Ha mopesaleme a ngola ka Molimo o ile a re: “O folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.” (Pes. 147:3) Jehova o tsotella motho e mong le e mong ea nang le mathata ebile o ikemiselitse ho re tšelisa ha re nyahame. (Pes. 34:18; Esa. 57:15) O re fa bohlale le matla a hore re sebetsane le bothata leha e le bofe boo re thulanang le bona.—Jak. 1:5.
6 Temaneng e latelang, mopesaleme o bua ka maholimo ’me o re Jehova “o bala palo ea linaleli” ebile “o li bitsa ka mabitso a tsona.” (Pes. 147:4) Ke hobane’ng ha mopesaleme a se a bua ka taba e fapaneng le ea ho tšelisoa? Nahana ka taba ena: Le hoja mopesaleme a ne a khona ho bona linaleli, o ne a sa tsebe hore na li kae ka palo. Hona joale re se re khona ho bona linaleli tse ngata ho feta lilemong tse fetileng. Batho ba bang ba re e ka ’na eaba ho na le linaleli tse libilione sehlopheng sa linaleli se bitsoang Milky Way. Ho ka etsahala hore ebe ho na le lihlopha tsa linaleli tse limilione tse 1 000 000. Ha re sheba leholimo, re bona linaleli li se na palo. Empa ’Mopi oa rona eena o li file mabitso kaofela ha tsona e leng hore o tseba e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona. (1 Bakor. 15:41) Na Jehova o tseba batho ka tsela ka eo? Kaha o tseba hantle moo naleli ka ’ngoe e leng hona teng, o u tseba hantle. Oa tseba hore na u hokae, hore na u ikutloa joang le hore na u hloka eng ka nako e itseng.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Rorisa Jah’?
7 Ha se feela hore Jehova oa u tsotella, empa o boetse o u utloela bohloko ebile o na le matla a ho u thusa ha u na le mathata. (Bala Pesaleme ea 147:5.) U ka ’na oa ikutloa u imetsoe hoo u utloang eka u ke ke oa khona ho sebetsana le mathata a hao. Molimo “oa hopola hore re lerole,” kahoo oa tseba hore na re hloleha ho etsa’ng. (Pes. 103:14) Kaha ha rea phethahala, re lula re etsa liphoso tse tšoanang, tse kang ho bua re sa nahana, ho ba le mekhoa e itseng e bakoang ke ho se phethahale kapa ho honohela batho ba bang. Le hoja Jehova a sa etse liphoso, o re utloisisa ho feta kamoo re nahanang kateng.—Esa. 40:28.
Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Rorisa Jah’?
18 Mopesaleme o ne a tseba hore Molimo o ne a rata batho ba hae. E ne e le bona feela sechaba seo Molimo a se fileng “lentsoe la hae . . . le liqeto tsa hae tsa boahloli.” (Bala Pesaleme ea 147:19, 20.) Mehleng ena, re hlohonolofalitsoe ka hore ebe ke rona feela ba bitsoang ka lebitso la Molimo. Kaha re tseba Jehova ’me re phetha seo re ithutileng sona Lentsoeng la hae, re na le kamano e ntle le eena. Na le uena joaloka mongoli oa Pesaleme ea 147 ha u na mabaka a mangata a ho ‘rorisa Jah’ le hore u khothaletse batho ba bang hore le bona ba mo rorise?
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 316
Linonyana
Mopesaleme o ile a re “linonyana” li rorise Jehova. (Ps 148:1, 10) Li etsa sena ka tsela e hlollang le e rarahaneng eo li entsoeng ka eona. Nonyana e le ’ngoe e ka ba le masiba a sekete ho isa ho a ka holimo ho 20 000. Karolo e bohareng ea lesiba e na le mela e fapanyetsanang e bitsoang li-barb. Li tšoaroa ke lihakisi tse nyenyane tse makholo tse bitsoang li-barbule, tse itšoarellang lihakising tse ling tse bitsoang li-barbicels. Ho hakanngoa hore lesiba le le leng le ka etsang lisenthimithara tse 15 la leeba le na le li-barbule tse ka bang makholo a likete le li-barbicels tse limilione. Tsela eo linonyana li fofang ka eona le eo ’mele ea tsona e entsoeng ka eona e rarahane haholo le ho feta eo lifofane tsa morao-rao li entsoeng ka eona. Masapo a nonyana a bobebe ’me a etsa hore e se ke ea e-ba boima. Mapheo a linonyana tsa leoatle tse bitsoang frigate ha a phukaletse a etsa bolelele ba limithara tse peli, ho ntse ho le joalo e ka ba boima bo ka etsang likramo tse 110. Masapo a mapheo a linonyana tse ling tse kholo a na le masapo a mang a manyenyane ka hare a a tšehetsang a joaloka litšepe tse tšehetsang mapheo a sefofane se seholo.
LA 17-23 FEBRUARY
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 1
Bacha, le Tla Mamela Mang?
Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso
16 Haeba u mocha, u lokela ho etsa’ng ha u bona eka batsoali ba hao ha ba u utloisise le hore ba u etsa ngoana? Mohlomong u ka ba koatela hoo u ka bang oa ipotsa hore na ehlile ho molemo ho sebeletsa Jehova. Empa haeba u ka tlohela ho sebeletsa Jehova hobane feela u koatetse batsoali ba hao, hamorao u tla hlokomela hore batsoali ba hao le Bakreste-’moho le uena ba u tsotella ho feta mang kapa mang.
17 Haeba batsoali ba hao ba ne ba sa u khalemele ho hang, mohlomong u ne u tla ipotsa hore na ehlile baa u rata. (Baheb. 12:8) Empa e ka ’na eaba u koatisoa ke tsela eo ba u khalemelang ka eona. Ho e-na le hore u ngongorehe ka hore na ba u khalemela joang, leka ho hlokomela hore na ke hobane’ng ha ba u khalemela joalo. Kahoo, lula u khobile matšoafo ’me u leke ka matla ho ithiba hore u se ke oa halefa ha ba u khalemela. Bibele e re: “Mang kapa mang ea tšoarang lipolelo tsa hae o na le tsebo, ’me motho ea nang le temoho o na le moea o khutsitseng.” (Liprov. 17:27) Ikemisetse ho bontša hore u holile ka hore u amohele keletso eo u e fuoang, u sa halefe ebile u sa tšoenyehe haholo ka hore na u elelitsoe joang. (Liprov. 1:8) U hlohonolofalitsoe haholo ka hore ebe u na le batsoali ba ratang Jehova. Kahoo, ba batla ho u thusa hore u fumane moputso oa bophelo bo sa feleng.
Ho Sireletsa Boitsebahatso ba Rona ba Bokreste
11 Batla ho thabisa Molimo, eseng motho. Empa feela e le ntho ea tlhaho hore ka tsela e itseng re batle ho tsebahala re e-na le sehlopha seo re oelang ho sona. E mong le e mong o batla metsoalle, ’me ho amoheloa ke batho ho etsa hore re ikutloe re thabile re bile re sireletsehile. Nakong ea bocha—esita le hamorao bophelong—khatello ea lithaka e ka ba matla, ea etsa hore motho a be le takatso e matla ea ho etsisa ba bang kapa ho ba khahlisa. Empa ha se kamehla bao e leng metsoalle le lithaka tsa rona ba hlileng ba amehileng ka se tla re tsoela molemo. Ka linako tse ling ba mpa ba ipatlela ea ba tlatsang ha ba etsa ntho e fosahetseng. (Liproverbia 1:11-19) Ha Mokreste a inehela khatellong e mpe ea lithaka, hangata o leka ho pata boitsebahatso ba hae. (Pesaleme ea 26:4) Moapostola Pauluse o ile a re lemosa: “Le se ke la itšoantša le boitšoaro ba lefatše le le potolohileng.” (Baroma 12:2, The Jerusalem Bible) Jehova o re fa matla a ka hare ao re a hlokang e le hore re ka loantša khatello leha e le efe e hlahang ka ntle e ka etsang hore re inehele.—Baheberu 13:6.
12 Ha khatello e hlahang ka ntle e batla ho senya pono ea rona ka boitsebahatso ba rona ba Bokreste, re lokela ho hopola hore botšepehi ba rona ho Molimo ke ba bohlokoa haholo ho feta maikutlo a batho kapa tloaelo e atileng ea ba bangata. Mantsoe a Exoda 23:2 ke molao-motheo o re sireletsang: “U se ke ua latela bongata bakeng sa sepheo se sebe.” Ha boholo ba Baiseraele-’moho le Kalebe bo belaella bokhoni ba Jehova ba ho phethahatsa litšepiso tsa Hae, Kalebe o ile a lomahanya meno ha a hana ho latela bongata. O ne a kholisehile hore litšepiso tsa Molimo lia tšepahala, ’me o ile a putsoa haholo ka lebaka la ho ema a tiile. (Numere 13:30; Joshua 14:6-11) Na le uena u ikemiselitse ho loantša khatello ea boikutlo bo atileng e le hore u sireletse kamano ea hao le Molimo?
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 846
Ea se Nang Kelello
Ha Bibele e sebelisa poleloana ‘ea se nang kelello’ ha e bue ka motho ea haelloang ke bokhoni ba ho sebelisa kelello empa e bua ka motho ea qhelelang ka thoko melao-motheo ea Molimo e lokileng ’me a khetha ho phela ka tsela e sa hloekang. Mantsoe a fapaneng a Seheberu a kang kesilʹ (“ba hlokang kelello”; Pr 1:22, bi12), ʼewilʹ (“leoatla”; Pr 12:15), na·valʹ (‘ea se nang kelello’; Pr 17:7), le lets (“mosomi”; Pr 13:1) a sebelisitsoe ha ho hlalosoa motho ea joalo. Lentsoe la Segerike aʹphron le bolela “ea se nang kahlolo e molemo” (Lu 12:20, bi12), a·noʹe·tos “ba se nang kelello” (Gal 3:1), le mo·rosʹ le bolelang “maoatla” (Mat 23:17; 25:2).
LA 24 FEBRUARY–LA 2 MARCH
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG LIPROVERBIA 2
Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Rata ho Etsa Thuto ea Botho?
“Tsoela Pele ho Tsamaea ’Neteng”
16 Ha se kaofela ha rona re ratang ho bala le ho ithuta. Leha ho le joalo, Jehova o batla hore re tsoele pele ho “batla” le ho “batlisisa” e le hore re utloisise ’nete haholoanyane. (Bala Liproverbia 2:4-6.) Ho etsa boiteko boo ho lula ho re tsoela molemo. Mor’abo rona Corey o re ha a bala Bibele o hlahloba temana e le ’ngoe ka nako. O re: “Ke bala lintlha tsohle tse mongolong o botlaaseng ba leqephe, ke sheba litšupiso tse bohareng ba leqephe ’me ke etsa le lipatlisiso. . . . Ke ithuta lintho tse ngata ha ke bala ka tsela ena!” Re bontša hore re ananela ’nete ha re ipha nako ebile re etsa boiteko ba ho ithuta eona ebang re sebelisa mokhoa ona kapa o mong.—Pes. 1:1-3.
Bohlale ba ’Nete bo Ntse bo Hoeletsa Haholo
3 Bohlale ke bokhoni ba ho sebelisa seo re se tsebang ho etsa liqeto tse nepahetseng. Empa bohlale ba ’nete bo bolela ho fetang hoo. Bibele e re: “Mohato oa pele oa ho fumana bohlale ke ho hlompha Jehova. Ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ho bolela kutloisiso.” (Liprov. 9:10) Kahoo, ha ho e-na le qeto ea bohlokoa eo re lokelang ho e etsa re lokela ho tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka eona. Re ka etsa joalo ka ho ithuta Bibele le lingoloa tsa rona tse thehiloeng Bibeleng. Ha re etsa joalo re bontša hore re bohlale.—Liprov. 2:5-7.
4 Jehova ke eena ea ka re fang bohlale ba ’nete. (Bar. 16:27) Ke hobane’ng ha re re Jehova ke Mohloli oa bohlale? Ntlha ea pele, kaha Jehova ke ’Mopi, o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka popo ea hae. (Pes. 104:24) Ntlha ea bobeli, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Jehova a e etsang e bontša hore o bohlale. (Bar. 11:33) Ntlha ea boraro, re rua molemo haeba re mamela likeletso tse bohlale tse tsoang ho Jehova. (Liprov. 2:10-12) Haeba re batla ho ba le bohlale ba ’nete, re tlameha ho lumella Jehova hore a re tataise ka Lentsoe la hae ha re etsa liqeto.
Bacha, Matlafatsang Tumelo ea Lona
2 Joaloka mocha ea sebeletsang Jehova kapa ea ntseng a ithuta ka eena, na u ikutloa u le tlas’a khatello ea ho lumela seo bongata bo se lumelang, joaloka hore lintho li iphetotse, ho e-na le ho lumela hore li entsoe ke Molimo? Haeba ho joalo, ho na le mehato eo u ka e nkang ho matlafatsa tumelo ea hao le ho e boloka e le matla. Har’a tse ling u ka sebelisa matla a ho nahana ao Molimo a u fileng ’ona, kaha “a tla u lebela.” A tla u sireletsa lifilosofing tsa lefatše tse ka u lihang tumelong.—Bala Liproverbia 2:10-12.
3 Tumelo ea sebele e thehiloe tsebong e nepahetseng ka Molimo. (1 Tim. 2:4) Kahoo, u se ke ua okola boitsebiso ka holimo feela ha u ithuta Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tsa rona tsa Bokreste. Sebelisa matla a ho nahana e le hore ‘u utloisise’ seo u se balang. (Mat. 13:23) A re bone kamoo ho etsa seo ho ka u thusang kateng ho matlafatsa tumelo ea hao tabeng ea hore Molimo ke ’Mopi le hore seo Bibele e se buang ke ’nete, etsoe ho na le bopaki bo bongata bo kholisang lintlheng tsena.—Baheb. 11:1.
Matlotlo a Patiloeng
it-1-E 1211 ¶4
Botšepehi
Ho ka khonahala hore motho a tšepahale, eseng ka bokhoni kapa matla a hae empa haeba feela a e-na le tumelo e matla ho Jehova, a mo tšepa a bile a tšepa matla a Hae a pholosang. (Ps 25:21) Molimo o tšepisa hore e tla ba “thebe” le “tšireletso,” a lebele tsela ea ba tšepahalang. (Pr 2:6-8; 10:29; Ps 41:12) Batho ba tšepahalang ba lula ba amehile ka ho tšepahalla Jehova ’me seo se etsa hore ba phele ka tsela e tla etsa hore a ba amohele. (Ps 26:1-3; Pr 11:5; 28:18) Joalokaha Jobo a ile a hlokomela, ho ka etsahala hore motho ea se nang molato a hlaheloe ke lintho tse bohloko hobane ho busa motho ea khopo hape a ka shoa hammoho le ba khopo. Jehova o re kholisa hore o bona lintho tse etsahallang batho ba se nang molato ’me o tšepisa hore lefa la bona e tla ba le sa feleng, ba tla phela ka khotso nakong e tlang ’me ba putsoe ka se molemo. (Job 9:20-22; Ps 37:18, 19, 37; 84:11; Pr 28:10) Joaloka Jobo, ho molemo hore motho e be ea tšepahalang ho e-na le ho ba le maruo ’me ke eona ntho e etsang hore motho e be oa bohlokoa le ea hlomphehang. (Pr 19:1; 28:6) Bana ba motho ea tšepahalang joalo baa thaba (Pr 20:7) hobane o ba behetse mohlala o motle, ba thabela ho bitsoa ka lebitso la hae le ho hlomphuoa ka lebaka la hae.