Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 March leq. 3
  • La 10-16 March

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 10-16 March
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 March leq. 3

LA 10-16 MARCH

LIPROVERBIA 4

Pina ea 36 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Molebeli o eme toreng ’me o laela balebeli ba likeiti tsa motse hore ba li koale.

Molebeli oa motse le balebeli ba likeiti ba koala likeiti ka pele ha ba lireng ba ntse ba atamela motse

1. “U Sireletse Pelo ea Hao”

(10 mets.)

Lentsoe “pelo” le bolela seo re leng sona ka hare (Ps 51:6; w19.01 15 ¶4)

Re lokela ho e sireletsa ho feta lintho tse ling tsohle (Pr 4:23a; w19.01 17 ¶10-11; 18 ¶14; sheba setšoantšo se)

Bophelo ba rona bo itšetlehile ka boemo ba lipelo tsa rona tsa tšoantšetso (Pr 4:23b; w12 5/1 32 ¶2)

Mor’abo rona o sheba koana ha a bona ntho e sa lokang founung ea hae.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Pr 4:18—Ho latela temana ee, Mokreste a ka atamela haufi le Jehova joang? (w21.08 8 ¶4)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Pr 4:​1-18 (th khaolo ea 12)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Mong’a ntlo o bontša thahasello ka mor’a ho fuoa memo ea sehopotso. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Mema motho eo u mo tloaetseng Sehopotsong. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(5 mets.) Pontšo. ijwfq sehlooho 19: Ke Hobane’ng ha [Lipaki Tsa Jehova] li sa Keteke Easter? (lmd thuto ea 3 ntlha ea 4)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 16

7. Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ka March

(10 mets.) Shebellang VIDEO.

8. Letšolo la ho Memela Batho Sehopotsong le Tla Qala ka Moqebelo oa la 15 March

(5 mets.) Puo e fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Bolela hore na ho entsoe litokisetso life bakeng sa letšolo, puo e khethehileng le Sehopotso. Khothaletsa bohle ho eketsa tšebeletso ea bona likhoeling tsa March le April.

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr Kakaretso ea Lithuto Tse Ntlafalitsoeng, lipotso tsa 1-4

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 76 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela