Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp21 no. 1 maq. 3-4
  • Maikutlo a Batho ke Afe ka Thapelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Batho ke Afe ka Thapelo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lithapelo Tse Arabeloang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na ho Rapela ho na le Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
wp21 no. 1 maq. 3-4
Batho ba libakeng tse fapaneng lefatšeng baa rapela, ba kopa hore Molimo a ba tataise.

Maikutlo a Batho ke Afe ka Thapelo?

“Ha ke rapela ke ee ke utloe eka Molimo o pel’a ka, o ntšoere ka letsoho ’me oa ntataisa ha ke utloa eka ke lahlehile.”​—MARÍA.

“Mosali oa ka o ile a hlokahala ka mora lilemo tse 13 a tšoeroe ke kankere. Ke hopola ke rapela Molimo letsatsi le letsatsi ’me ke ne ke utloa hore o ’mametse nakong ena eo ke neng ke utloile bohloko. Ke ne ke e-na le khotso.”​—RAÚL.

“Thapelo ke mpho ea bohlokoa eo Molimo a re fileng eona.”​—ARNE.

María, Raúl, Arne le ba bang ba bangata, ba nka thapelo e le mpho e ikhethang. Ba lumela hore thapelo e ba thusa ho bua le Molimo, ho mo leboha le ho mo kopa thuso. Ba kholisehile hore seo Bibele e se buang ka thapelo ke ’nete ha e re: “Ena ke kholiseho eo re nang le eona ho eena, hore, ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kopang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”​—1 Johanne 5:14.

Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ha ba lumele seo lengolo lena le se buang. Steve oa re bolella hore na o ne a ikutloa joang ka thapelo. O re: “Ha ke le lilemo li 17, metsoalle ea ka e meraro e ile ea hlokahala liketsahalong tse peli tse fapaneng. E mong o ile a hlokahalla kotsing ea koloi, ha ba babeli ba ile ba khangoa ke metsi leoatleng.” Steve o ile a etsa’ng? O re: “Ke ile ka rapela Molimo ke batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha seo se etsahetse, empa ha kea ka ka fumana karabo. Kahoo ke ile ka ipotsa ka re: ‘Thuso ke efe ea ho rapela?’ ” Ha batho ba bangata ba utloa eka lithapelo tsa bona ha li arajoe, baa ipotsa hore na thuso ke efe ea ho tsoela pele ba rapela.

Ho boetse ho na le mabaka a mang a etsang hore batho ba bang ba utloe eka thapelo ha e ba thuse. Ba bang bona ba re kaha Molimo o tseba lintho tsohle, o se a ntse a tseba hore na re hloka eng le hore na mathata a rona ke afe, kahoo ha ho hlokahale hore re mo bolelle lintho tsena.

Ba bang ba lumela hore Molimo ha a batle ho mamela lithapelo tsa bona ka lebaka la liphoso tseo ba ileng ba li etsa nakong e fetileng. Jenny o re: “Bothata ba ka bo boholo ke hore ke ikutloa ke se na thuso. Ke entse lintho tseo ke ikoahlaelang tsona, kahoo ke itjoetsitse hore ha ke tšoaneloe ke hore Molimo a ’mamele.”

Mosali ea ka kerekeng o shebile holimo ha a rapela ha ba bang ba inamisitse lihlooho ha ba rapela..

Uena o ikutloa joang ka thapelo? Haeba le uena u kile oa ba le maikutlo a tšoanang, u ka tšelisoa ke ho tseba hore Bibele e fana ka likarabo tse khotsofatsang. Re ka tšepa seo Bibele e se buang ka thapelo.a E ka re thusa ho fumana likarabo tsa lipotso tse tšoanang le tsena tse latelang:

  • Na ehlile Molimo o utloa lithapelo tsa rona?

  • Ke hobane’ng ha Molimo a sa arabe lithapelo tse ling?

  • U ka rapela joang e le hore Molimo a u utloe?

  • Ho rapela ho ka u thusa joang?

a Bibele e na le lithapelo tse ngata tsa bahlanka ba Molimo, ho akarelletsa le tsa Jesu Kreste. Mangolo a Seheberu a tloaelehileng ka hore ke Testamente ea Khale, a na le lithapelo tse ka holimo ho 150.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela