SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 24
PINA EA 98 Mangolo a Tsoa ho Molimo
Lintho Tseo re Ithutang Tsona Boprofeteng ba Jakobo—Karolo ea Pele
“Bokanang e le hore ke le bolelle se tla le etsahalla karolong e qetellang ea matsatsi.”—GEN. 49:1, Nal.
NTLHA-KHOLO
Lintho tseo re ka ithutang tsona boprofeteng boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makhatheng a lefu mabapi le Rubene, Simeone, Levi le Juda.
1, 2. Jakobo o ile a etsa’ng ha a le lintšing tsa lefu, hona hobane’ng? (Sheba setšoantšo se.)
HO SE ho fetile lilemo tse ka bang 17 mohlanka ea tšepahalang oa Jehova e leng Jakobo a tlohile Kanana ho ea Egepeta le lelapa la hae. (Gen. 47:28) Nakong eo, o ile a thaba haholo ha a boelana le mora oa hae eo a mo ratang Josefa ’me qetellong a bona lelapa la hae le le hammoho hape. Empa hona joale Jakobo o nkhella lefu la hae. Kahoo, o bitsa lelapa la hae hore le il’o ba le seboka sa bohlokoa.—Gen. 49:28.
2 Mehleng eo, ho ne ho tloaelehile hore hlooho ea lelapa e lintšing tsa lefu e bitse litho tsa lelapa la eona e le hore e ka fana ka litaelo tsa ho qetela pele e shoa. (Esa. 38:1) Sebokeng seo, e ka ’na ea bolela hore na ke mang ea tla nka marapo e le hore e be hlooho ea lelapa ka mor’a hore a shoe.
Jakobo o makhatheng a lefu betheng ea hae, o bolella bara ba hae ba 12 boprofeta (Sheba serapa sa 1 le 2)
3. Ho ea ka Genese 49:1, 2, ke hobane’ng ha mantsoe ao Jakobo a ileng a a bua e le a bohlokoa haholo?
3 Bala Genese 49:1, 2. Empa sena e ne e se seboka feela se tloaelehileng sa lelapa. Jakobo e ne e le moprofeta. Nakong ea seboka sena, Jehova o ile a bululela mohlanka oa hae hore a bue lintho tsa bohlokoa tse neng li tla etsahala nakong e tlang tse neng li tla ama haholo-holo litloholo tsa hae. Kahoo, mantsoe ao Jakobo a ileng a a bua ho bara ba hae e ne e le boprofeta.
4. Re lokela ho hopola eng ha re ntse re hlahloba boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makhatheng a lefu? (Sheba lebokose le reng “Lelapa la Jakobo.”)
4 Sehloohong sena, re tl’o hlahloba hore na Jakobo o ile a re’ng ho bara ba hae ba bane e leng Rubene, Simeone, Levi le Juda. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba hore na o ile a re’ng ho bara ba bang ba hae ba robeli. Joalokaha re tla bona, Jakobo ha aa ka a bua ka bara ba hae feela, empa o ile a boela a bua le ka litloholo tsa bona tseo qetellong e neng e tla ba sechaba se seholo sa Iseraele. Ho hlahloba histori ea sechaba seo, ho tla etsa hore re hlakeloe hore mantsoe a Jakobo a boprofeta a ile a phethahala joang. Re tla boela re ithute lithuto tsa bohlokoa tse tla re thusa hore re thabise Ntate oa rona ea leholimong, Jehova.
RUBENE
5. Ho ka etsahala hore ebe Rubene o ne a lebelletse ho fumana tokelo efe ho tsoa ho ntate oa hae?
5 Jakobo o qala pele ka ho bua le Rubene, o re: “U letsibolo la ka.” (Gen. 49:3) Joaloka letsibolo, ho ka etsahala hore ebe Rubene o ne a lebelletse ho fumana tokelo ea ho fuoa lefa le imenneng habeli ho tsoa ho ntate oa hae. Ho ka etsahala hore o ne a boetse a lebelletse hore ke eena eo e tla ba hlooho ea lelapa ka mor’a hore ntate oa hae a shoe le hore tokelo eo e tla fetisetsoa ho bana ba hae ha nako e ntse e-ea.
6. Ke hobane’ng ha Rubene a ile a sitoa ho fumana litokelo tsa hae joaloka letsibolo? (Genese 49:3, 4)
6 Leha ho le joalo, Rubene o ile a sitoa ho fumana litokelo tsa hae joaloka letsibolo. (1 Likron. 5:1) Hobane’ng? Lilemo tse ’maloa pejana, o ile a robala le serethe sa ntate oa hae Jakobo e leng Bilha. Bilha e ne e le mosebeletsi oa Ragele, e leng mosali oa Jakobo ea ratehang ea ileng a hlokahala. (Gen. 35:19, 22) Rubene e ne e le mora oa mosali e mong oa Jakobo e leng Lea. Mohlomong o ile a susumetsoa ke takatso e matla ea ho batla ho etsa thobalano. Kapa mohlomong o ile a robala le Bilha hobane a ne a batla hore Jakobo a hloee Bilha ’me a rate ’mé oa hae. Ho sa tsotellehe hore na lebaka la hae e ne e le lefe, seo a ileng a se etsa ha sea ka sa thabisa Jehova le Jakobo ntate oa hae.—Bala Genese 49:3, 4.
7. Ho ile ha etsahala’ng ka Rubene le litloholo tsa hae? (Sheba lebokose le reng “Boprofeta Boo Jakobo a Ileng a bo Bua ha a le Makhatheng a Lefu.”)
7 Jakobo o ile a re ho Rubene: “E ke ke ea e-ba uena e moholo.” Mantsoe ao a ile a phethahala. Ha ho na tlaleho e bontšang hore e mong oa litloholo tsa Rubene e ile ea e-ba morena, moprista kapa moprofeta. Leha ho le joalo, Jakobo ha aa ka a lahla mora oa hae ’me litloholo tsa Rubene e ile ea e-ba leloko le ikemetseng ho maloko a mang a Iseraele. (Josh. 12:6) Rubene o ile a bontša makhabane a matle maemong a mang ’me ha ho na tlaleho e bontšang hore o ile a etsa boitšoaro bo bobe hape.—Gen. 37:20-22; 42:37.
8. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Rubene?
8 Re ithuta’ng? Re lokela ho sebetsa ka thata ho hlaolela ho ba le boitšoaro le ho ikemisetsa ho se etse boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. Haeba re lekeha ho etsa sebe, re lokela ho ema hanyane ’me re nahane kamoo liketso tsa rona li tla utloisa Jehova, ba malapa a rona le ba bang bohloko kateng. Re boetse re lokela ho hopola hore “motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.” (Bagal. 6:7) Ka lehlakoreng le leng, se etsahalletseng Rubene se re hopotsa hore Jehova o mohau. Le hoja Jehova a ke ke a thibela litla-morao tsa liphoso tseo re li entseng, o tla hlohonolofatsa boiteko boo re bo etsang ba ho etsa lintho tse nepahetseng.
SIMEONE LE LEVI
9. Ke eng e ileng ea etsa hore Jakobo a bue mantsoe a bontšang hore o ne a sa thabisoa ke seo Simeone le Levi ba se entseng? (Genese 49:5-7)
9 Bala Genese 49:5-7. Ka mor’a moo, Jakobo o bua le Simeone le Levi. Leha ho le joalo, mantsoe a hae a bontša hore ha aa thabisoa ke seo ba se entseng. Lilemo pejana, morali oa Jakobo e leng Dina, o ile a betoa ke monna e mong oa Mokanana ea bitsoang Shikeme. Hoa utloahala hore ebe bara ba Jakobo kaofela ba ile ba utloa bohloko haholo ka se etsahalletseng khaitseli ea bona, empa Simeone le Levi bona ha baa ka ba laola khalefo ea bona. Bara ba Jakobo kaofela ba ile ba thetsa Shikeme le batho ba hae ka ho ba tšepisa hore haeba ba ka bolla, ba tla etsa khotso le bona. Banna bao ba ile ba lumela. Ha ba ntse ba opeloa ka lebaka la ho bolotsoa, Simeone le Levi “ba nka lisabole tsa bona ’me ba ea motseng baahi ba moo ba sa lebella eaba ba bolaea banna bohle.”—Gen. 34:25-29.
10. Mantsoe a Jakobo a boprofeta ka Simeone le Levi a ile a phethahala joang? (Sheba lebokose le reng “Boprofeta Boo Jakobo a Ileng a bo Bua ha a le Makhatheng a Lefu.”)
10 Taba ea hore bara ba Jakobo ba babeli ba ile ba bolaea batho ba bangata, e ile ea mo tšoenya haholo. O ile a bolela esale pele hore ba ne ba tla aroloa le ho hasanngoa ho pholletsa le Iseraele. Mantsoe ao a boprofeta a ile a phethahala lilemo tse ka holimo ho 200 hamorao ha sechaba sa Iseraele se kena Naheng e Tšepisitsoeng. Leloko la Simeone le ile la fuoa metse e meng har’a metse e neng e fuoe leloko la Juda e le lefa. (Josh. 19:1) Lefa la Levi e ne e le metse e 48 e neng e hasane ho pholletsa le Iseraele.—Josh. 21:41.
11. Maloko a Simeone le Levi a ile a etsa lintho life tse ntle?
11 Litloholo tsa Simeone le Levi ha lia ka tsa pheta liphoso tsa baholo-holo ba tsona. Leloko la Levi le ile la bontša botšepehi bo tsoileng matsoho bakeng sa borapeli ba ’nete. Ha Moshe a le Thabeng ea Sinai a e’o fuoa Molao ke Jehova, Baiseraele ba bangata ba ile ba rapela setšoantšo sa namane empa Balevi bona ba ile ba ema ka lehlakoreng la Moshe, ba ba ba mo thusa hore a felise batho ba entseng bobe boo. (Ex. 32:26-29) Jehova o ile a khetha ho fa leloko la Levi tokelo e ikhethang ea ho ba baprista. (Ex. 40:12-15; Num. 3:11, 12) Hamorao, leloko la Simeone le ile la thusa leloko la Juda ho loantša Bakanana e le hore ba hape karolo ea bona ea Naha e Tšepisitsoeng joalokaha e ne le morero oa Jehova.—Baahl. 1:3, 17.
12. Re ithuta eng mohlaleng oa Simeone le Levi?
12 Re ithuta’ng? Le ka mohla u se ke oa lumella khalefo ho susumetsa liqeto le liketso tsa hao. Haeba uena kapa motho eo u mo ratang a sa tšoaroa hantle, hoa utloahala hore u halefe. (Pes. 4:4) Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore Jehova ha a khahlisoe ke mantsoe kapa liketso tse bontšang hore re halefile. (Jak. 1:20) Melao-motheo ea Bibele e re thusa ho sebetsana le ho hloka toka, ebang ke ka phuthehong kapa ka ntle ho phutheho e leng se re thusa hore re qobe likotsi tse bakoang ke khalefo e sa laoleheng. (Bar. 12:17, 19; 1 Pet. 3:9) Le haeba batsoali ba hao ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova, hopola hore ha hona ntho e u tlamang hore u ba etsise. U se ke oa etsa qeto ea hore u ba-e-hlotse le hore Jehova a ke ke a u hlohonolofatsa. Jehova a ke ke a hloleha ho hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho etsa lintho tse nepahetseng.
JUDA
13. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Juda a ne a tšoenyehile ha e ne e le nako ea hore ntate oa hae a bue le eena?
13 Juda e ne e le eena ea latelang eo ntate oa hae a neng a tl’o bua le eena. E ka ’na eaba Juda o ne a tšoenyehile ka mor’a hore a utloe lintho tseo Jakobo a li bolelletseng bo-abuti ba hae. Etsoe le eena o ne a ile a etsa liphoso tse tebileng. Ho bonahala a ne a le teng ha bana babo ba nka maruo a motse oa Shikeme. (Gen. 34:27) Eena le bana babo ba ile ba rekisa Josefa e le lekhoba ba ba ba thetsa ntate oa bona. (Gen. 37:31-33) Hamorao, o ile a robala le ngoetsi ea hae e leng Tamare, a nahana hore ke letekatse.—Gen. 38:15-18.
14. Juda o entse lintho life tse ntle? (Genese 49:8, 9)
14 Leha ho le joalo, Jakobo o ile a bululeloa hore a hlohonolofatse Juda le ho mo babatsa feela. (Bala Genese 49:8, 9.) Juda o ne a ile a bontša hore o tsotella maikutlo a ntate oa hae ea holileng haholo. Hape, o ile a bontša hore o qenehela ngoan’abo e monyenyane, Benjamine.—Gen. 44:18, 30-34.
15. Juda o ile a hlohonolofatsoa ka litsela life?
15 Jakobo o ile a bolela esale pele hore Juda o tla etella bana babo pele. Leha ho le joalo, ho ne ho tl’o feta nako e telele pele boprofeta bona bo phethahala. Lilemo tse ka bang 200 hamorao, ho buuoa ka leloko la Juda ka lekhetlo la pele, le etella pele sechaba sa Iseraele lefelleng ka mor’a ho tsoa Egepeta ho ea Naheng e Tšepisitsoeng. (Num. 10:14) Lilemo tse mashome hamorao, leloko la Juda le ile la etella pele ha ho ne ho loantšoa Bakanana e le ho hapa Naha e Tšepisitsoeng. (Baahl. 1:1, 2) Hape, Davida ke eena oa pele ho litloholo tsa Juda oa ho ba morena lelokong la Juda. Empa litaba tsena ha li felle mona.
16. Boprofeta bo hlahang lengolong la Genese 49:10 bo ile ba phethahala joang? (Sheba lebokose le reng “Boprofeta Boo Jakobo a Ileng a bo Bua ha a le Makhatheng a Lefu.”)
16 Jakobo o ile a bontša hore Morena ea tla busa batho ka ho sa feleng e ne e tla ba setloholo sa Juda. (Bala Genese 49:10 le naletsana.) Morena eo ke Jesu Kreste, eo Jakobo a ileng a mo bitsa Shilo. Ha lengeloi le bua ka Jesu le ile la re: “Jehova [Molimo] o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida.” (Luka 1:32, 33) Jesu o boetse o bitsoa “Tau ea leloko la Juda.”—Tšen. 5:5.
17. Re ka etsisa Jehova joang tseleng eo re nkang batho ba bang ka eona?
17 Re ithuta’ng? Jehova o ile a hlohonolofatsa Juda le hoja a ile a etsa liphoso tse tebileng. Empa na ho ka etsahala hore ebe bana babo Juda ba ne ba ipotsa hore na ebe Jehova o bone’ng ho eena? Ho sa tsotellehe hore na ba ne ba nahana’ng, Jehova eena o bone se setle ho Juda ’me a mo hlohonolofatsa ka lebaka la sona. Re ka etsisa mohlala oa Jehova joang? Ha Mokreste-’moho a fuoa litokelo tse khethehileng, qalong re ka ’na ra lekeha ho nahana ka mefokolo ea hae. Empa re tla be re etsa hantle ha re hopola hore kannete Jehova o khahlisoa ke makhabane a hae a matle. Jehova o sheba lintho tse ntle ho bahlanka ba hae. A re loaneleng ho etsa se tšoanang.
18. Ke hobane’ng ha re hloka ho ba le mamello?
18 Ntho e ’ngoe eo re ka ithutang eona phihlelong ea Juda ke hore re hloka ho ba le mamello. Jehova o lula a phethahatsa litšepiso tsa hae empa ha se kamehla a li phethahatsang ka tsela le ka nako eo re e lebelletseng. Litloholo tsa Juda ha lia ka tsa etella batho ba Molimo pele hang-hang. Empa ka botšepehi li ile tsa tšehetsa batho bao Jehova a ileng a ba khetha hore ba etelle pele, ho sa tsotellehe hore na e ne e le Moshe oa Molevi, Joshua oa Moefraime kapa Morena Saule oa Mobenjamine. E se eka le rona re ka tšehetsa motho leha e le ofe eo Jehova a mo khethang hore a re etelle pele mehleng ena.—Baheb. 6:12.
19. Re ithuta’ng ka Jehova puisanong ena ea boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makhatheng a lefu?
19 Re se re hlokometse eng ho fihlela hajoale puisanong ea rona ea boprofeta boo Jakobo a ileng a bo bua ha a le makhatheng a lefu? Ho hlakile hore “Molimo ha a shebe lintho ka tsela eo motho a li shebang ka eona.” (1 Sam. 16:7) Jehova o tšoarela haholo ebile o na le mamello. Le hoja Jehova a sa tlolise liphoso tsa rona mahlo, haa lebella hore bahlanka ba hae ba etse lintho ka tsela e phethahetseng. A ka ba a hlohonolofatsa batho ba ileng ba etsa liphoso tse tebileng nakong e fetileng haeba ba baka e le kannete ’me ba etsa lintho tse nepahetseng. Sehloohong se latelang, re tl’o hlahloba hore na Jakobo o ile a re’ng ho bara ba hae ba robeli ba setseng.
PINA EA 124 A re Tšepahaleng Kamehla