Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 November maq. 2-7
  • Lula u Thabile Botsofaling ba Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lula u Thabile Botsofaling ba Hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOTSOFALI BO KA AMA THABO EA HAO JOANG?
  • U KA ETSA’NG HORE U LULE U THABILE?
  • BATHO BA BANG BA KA THUSA JOANG?
  • Nka Bara le barali ba bo Rona ba Holileng e le ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ithute Mantsoeng a ho Qetela a Banna ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ka Boikokobetso Amohela Hore ho na le Lintho Tseo u sa li Tsebeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 November maq. 2-7

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 44

PINA EA 138 “Moriri o Moputsoa ke Korone ea Botle”

Lula u Thabile Botsofaling ba Hao

“ Ba tla ’ne ba atlehe leha ba se ba tsofetse.”—PES. 92:14.

NTLHA-KHOLO

Mabaka ao ka ’ona ho leng bohlokoa hore batho ba holileng ba lule ba thabile le hore na ba ka etsa seo joang.

1, 2. Jehova o nka bahlanka ba hae ba tšepahalang ba holileng joang? (Pesaleme ea 92:​12-14; sheba setšoantšo.)

LEFATŠENG lohle, batho ba na le maikutlo a fapaneng ka taba ea botsofali. Ka mohlala, nahana ka boemo bona: Na u hopola mohlang u neng u bona moriri o moputsoa hloohong ea hao ka lekhetlo la pele? Ho ka etsahala hore u ile oa leka ho o hlotha pele batho ba bang ba ka o bona. Empa u ile oa hlokomela hore ho o hlotha ha ho thuse letho hobane o ntse o tl’o hlaha o le mongata. Mohlala ona o bontša ka ho hlaka hore batho ba bangata ha ba batle ho tsofala.

2 Leha ho le joalo, Ntate oa rona ea leholimong o nka bahlanka ba hae ba seng ba holile ka tsela e fapaneng. (Liprov. 16:31) O ba tšoantša le lifate tse atlehileng. (Bala Pesaleme ea 92:​12-14.) Ke hobane’ng ha papiso ee e loketse? Lifate tse nang le makhasi a mangata le lipalesa tse nkhang hamonate, hangata ke tse nang le nako e telele li phela. Ka mohlala, ho na le mofuta oa sefate se fumanehang Japane se phelang lilemo tse ngata. Tse ling tsa lifate tse ntle ka ho fetisisa li na le lilemo tse fetang sekete. Ho tšoana le lifate tsena tse phelang nako e telele, bahlanka ba Jehova ba seng ba holile ba batle, haholo-holo mahlong a Molimo. Jehova ha a bone feela moriri oa bona o moputsoa, empa o bona seo ba leng sona ka hare. O ananela makhabane a matle ao ba nang le ’ona, joaloka mamello le botšepehi ba bona. O boetse o ananela lilemo tse ngata tseo ba li qetileng ba mo sebeletsa ka botšepehi.

Banyalani ba holileng ba lutse ka ntle bencheng ’me ba pota-potiloe ke lifate tsa cherry tse thuntseng.

Batho ba holileng ba sebeletsang Jehova ka botšepehi, ba batle ebile baa atleha joaloka lifate tse ntle tse nang le nako e telele li phela (Sheba serapa sa 2)


3. Fana ka mehlala e bontšang kamoo Jehova a ileng a sebelisa batho ba holileng kateng ho phethahatsa morero oa hae.

3 Ha se hore motho ha e sa le oa bohlokoa ho Jehova hobane feela a se a ile lilemong.a Ha e le hantle, hangata Jehova o sebelisa batho ba holileng ho phethahatsa morero oa hae. Ka mohlala, Sara o ne a se a holile ha Jehova a re e tla ba ’mè oa sechaba se seholo le moholo-holo oa Mesia. (Gen. 17:​15-19) Moshe o ne a se a ile lilemong ha Jehova a mo roma hore a il’o lokolla sechaba sa Iseraele Egepeta. (Ex. 7:​6, 7) Moapostola Johanne le eena o ne a se a holile ha Jehova a mo khetha hore a ngole libuka tse hlano tsa Bibele.

4. Ho ea ka Liproverbia 15:​15, ke eng e ka thusang batho ba holileng hore ba mamelle mathata? (Sheba setšoantšo.)

4 Bara le barali ba bo rona ba seng ba holile ba tobana le mathata a mangata a tlisoang ke botsofali. Morali oa bo rona e mong o ile a bua a soasoa a re: “Botsofali ha se mantloane.” Empa ha batho ba holileng ba lula ba thabile,b ba tla khona ho mamella liteko tse tlisoang ke botsofali. (Bala Liproverbia 15:15.) Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tseo batho ba holileng ba ka li etsang e le hore ba lule ba thabile. Re tla boela re bue ka hore na batho ba bang ba ka thusa bara le barali ba bo rona ba holileng joang liphuthehong tsa habo bona. A re qaleng ka ho hlahloba hore na ke hobane’ng ha ho ka ba thata hore re lule re thabile ha re ntse re hola.

Banyalani ba hlahang setšoantšong se tlileng pele ho sena ba se ba eme tlas’a sefate sa cherry se thuntseng, ba tšoarane ebile baa bososela.

Ha batho ba holileng ba lula ba thabile, ba tla khona ho mamella liteko tse tlisoang ke botsofali (Sheba serapa sa 4)


BOTSOFALI BO KA AMA THABO EA HAO JOANG?

5. Ke lintho life tse ka nyahamisang batho ba holileng?

5 Ke lintho life tse ka u nyahamisang? Mohlomong u nyahamisoa ke hore ha u sa khona ho iketsetsa lintho joaloka pele. Mohlomong u khalla linako tse fetileng ha u ne u sa le mocha ’me u phetse hantle ’meleng. (Moek. 7:10) Ka mohlala, Morali oa bo rona Ruby o re: “Ho apara feela e se e le chaba se hole ka lebaka la ho opeloa le ho sitoa ho sisinyeha. Ka linako tse ling, ho roala kausi ho pala feela ke ntoa. Matsoho a ka a shoele bohatsu ka lebaka la ramatiki ’me ha ke sa khona le ho iketsetsa lintho tse nyenyane.” Mor’abo rona Harold, ea neng a sebeletsa Bethele, o re: “Ha ke sa itseba ’me ka linako tse ling kea teneha. Ke ne ke rata lipapali haholo. Mehleng ea ka ke ne ke rata ho bapala papali ea baseball. Batho ba bang ba ne ba re, ‘Lahlellang Harold bolo, ha ho mohla a e fosang.’ Empa hona joale, ha ke nahane hore nka khona le ho e akhela feela.”

6. (a) Ke mabaka afe a mang a etsang hore batho ba holileng ba nyahame? (b) Ke eng e ka ba thusang hore ba tsebe hore na ba lokela ho khaotsa ho khanna kapa che? (Sheba sehlooho se reng “Na ke Lokela ho Khaotsa ho Khanna?” makasineng ena.)

6 E ka ’na eaba u nyahamisoa ke hore ha u sa khona ho iketsetsa lintho. Sena se ka etsahala haholo haeba u hloka motho ea tla u hlokomela kapa ho se ho hlokahala hore u il’o lula le e mong oa bana ba hao. Mohlomong u nyahamisoa haholo ke hore ha u sa na bophelo kapa mahlo a hao ha a sa bona hantle hoo u seng u sa khone ho ikisa libakeng tse ling kapa ho ikhannela. Lintho tsena li ka u utloisa bohloko haholo. Empa hopola hore u ntse u le bohlokoa ho Jehova le ho batho ba bang le hoja u se u sa khone ho itlhokomela, ho lula u le mong kapa ho ikhannela. Hape re ka kholiseha hore Jehova o utloisisa tsela eo re ikutloang ka eona. Ntho ea bohlokoa ho Jehova ke motho eo re leng eena ka hare, e leng motho ea ratang Jehova le Bakreste-’moho le eena.—1 Sam. 16:7.

7. Ke eng e ka thusang batho ba hlokomelang hore mohlomong bofelo ba lefatše bo tla fihla ba se ba le sieo?

7 Mohlomong u nyahamisoa ke ho hlokomela hore bofelo ba lefatše bo ka ’na ba fihla u se u le sieo. Haeba u ikutloa joalo, u ka thusoa ke eng? Leka ho hopola hore Jehova o letile ka mamello hore a felise lefatše lena le khopo. (Esa. 30:18) Empa o mamelletse ka lebaka. Mamello ea hae e fa batho ba limilione monyetla oa hore ba mo tsebe ba be ba mo sebeletse. (2 Pet. 3:9) Kahoo, ha u ikutloa u nyahame, leka ho nahana ka batho ba bangata ba tla rua molemo mamellong ea Jehova pele bofelo bo fihla. Mohlomong ba bang ba bona ke ba lelapa la hao.

8. Mathata a mang a botsofali a ka ama batho ba holileng joang?

8 Ho sa tsotellehe hore na re lilemo li kae, ha re kula re ka ’na ra bua kapa ra etsa lintho tseo re ka ikoahlaelang tsona. (Moek. 7:7; Jak. 3:2) Ka mohlala, ha monna ea tšepahalang Jobo a ne a e-na le mathata, o ile a bua “puo e hlaha.” (Jobo 6:​1-3) Ho ekelletsa moo, bokuli bo bong bo ka etsa hore batho ba holileng ba etse kapa ba bue lintho tse sa tloaelehang. Ke ’nete hore ho sa tsotellehe hore na re holile hakae kapa re kula hakae, ha re na lebaka la ho tšoara batho ba bang hampe kapa ho lebella hore ba re etsetse lintho. Haeba re hlokomela hore re utloisitse motho e mong bohloko, re lokela ho kopa tšoarelo.—Mat. 5:​23, 24.

U KA ETSA’NG HORE U LULE U THABILE?

Lekala la sefate sa cherry se thuntseng. Ho hlahile le litšoantšo tse bontšang lintho tseo bara le barali ba bo rona ba holileng ba ka li etsang e le hore ba lule ba thabile. Lirapa tsa 9-⁠13 li bua ka lintlha tse hlahang litšoantšong tsena.

U ka etsa’ng hore u lule u thabile ho sa tsotellehe mathata ao u tobanang le ’ona ka lebaka la botsofali? (Sheba serapa sa 9-13)


9. Ke hobane’ng ha u lokela ho amohela thuso ea batho ba bang? (Sheba litšoantšo.)

9 Amohela thuso ea batho ba bang. (Bagal. 6:2) Qalong ho ka ba thata ho etsa joalo. Morali oa bo rona Gretl o re: “Ka linako tse ling, ho thata ho amohela thuso ea batho ba bang hobane ke utloa eka ke tl’o ba moroalo ho bona. Ho nkukile nako hore ke fetole monahano oa ka ’me ka boikokobetso ke amohele hore ke hloka thuso ea ba bang.” Ha u amohela thuso ea ba bang, u ba fa monyetla oa hore ba fumane thabo e tlisoang ke ho fana. (Lik. 20:35) Ha ho pelaelo hore le uena u tla thabisoa ke kamoo ba u ratang kateng le ho u tsotella.

Morali oa bo rona ea holileng o itšoarelletse ka letsoho la morali oa bo rona e mocha ha ba ntse ba reka lintho lishopong.

(Sheba serapa sa 9)


10. Ke hobane’ng ha re lokela ho hopola ho bontša kananelo? (Sheba litšoantšo.)

10 Bontša kananelo. (Bakol. 3:15; 1 Bathes. 5:18) Ha batho ba re etsetsa lintho tse ntle, rea li ananela empa re ka ’na ra lebala ho leboha. Leha ho le joalo, ha re bososela ebile re re rea leboha, metsoalle ea rona e tla ikutloa e ananeloa ebile e le ea bohlokoa. Morali oa bo rona Leah ea hlokomelang batho ba holileng Bethele, o re: “Morali oa bo rona e mong eo ke mo hlokomelang o ’ngolla melaetsa ea teboho. Ha e melelele haholo empa e monate. Ke thabela ho fumana melaetsa eo. Hoa thabisa ho tseba hore o ananela thuso ea ka.”

Morali oa bo rona ea holileng o ngola molaetsa oa teboho kareteng.

(Sheba serapa sa 10)


11. U ka thusa batho ba bang joang? (Sheba litšoantšo.)

11 Loanela ho thusa batho ba bang. Ha u sebelisa nako le matla a hao ho thusa batho ba bang, u ke ke oa lula u nahanne ka mathata a hao. Maele a mang a Afrika a tšoantša batho ba holileng le laebrari e nang le libuka tse tletseng bohlale. Empa haeba batho ba sa bale libuka tseo, ba ke ke ba ithuta letho ho tsona. Kahoo, joalokaha u le “laebrari e phelang,” etsa boiteko ba ho bolella bacha lintho tseo u li tsebang le liphihlelo tsa hao. Iphe nako ea ho ba tseba ka ho ba botsa lipotso ebe u ba mamela ka hloko. Ba rute hore na ke hobane’ng ha kamehla ho le molemo ebile ho thabisa ho phela ka melao ea Jehova. Ha ho pelaelo hore u tla thaba ha u tšelisa ebile u matlafatsa metsoalle ea hao e ntseng e hola.—Pes. 71:18.

Mor’abo rona ea holileng o mametse ha mor’abo rona e mocha a ntse a mo phetlela sefuba.

(Sheba serapa sa 11)


12. Ho ea ka Esaia 46:​4, Jehova o tšepisa batho ba holileng eng? (Sheba litšoantšo.)

12 Rapella hore Jehova a u fe matla. Ka linako tse ling, u ka ikutloa u khathetse ’meleng le maikutlong, empa hopola hore “ha ho mohla [Jehova] a khathalang kapa hona ho tepella.” (Esa. 40:28) Jehova o sebelisa matla a hae a sa feleng joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho matlafatsa bahlanka ba hae ba tšepahalang ba holileng. (Esa. 40:​29-31) Ha e le hantle, o tšepisa ho ba thusa. (Bala Esaia 46:4.) Jehova o phethahatsa litšepiso tsa hae kamehla. (Josh. 23:14; Esa. 55:​10, 11) Ha u rapela, Jehova o tla u thusa. Ka mor’a moo, u tla bona lerato le tšehetso ea hae ’me joang kapa joang u tla thaba.

Mor’abo rona ea holileng o ntse a rapela.

(Sheba serapa sa 12)


13. Ho ea ka 2 Bakorinthe 4:​16-18, re lokela ho hopola’ng? (Sheba litšoantšo.)

13 Hopola hore boemo ba hao ke ba nakoana. Ha re hopola hore boemo bo thata boo re leng ho bona ke ba nakoana, ho ka ba bonolo hore re bo mamelle. Le Bibele ea re kholisa hore botsofali le ho kula ke lintho tsa nakoana. (Jobo 33:25; Esa. 33:24) Haeba u nahana hore u ne u phela hamonate ha u sa le mocha, tseo ke linyane. U tla thabisoa ke ho tseba hore bophelo bo monate ka ho fetisisa ke hona bo tlang. (Bala 2 Bakorinthe 4:​16-18.) Empa batho ba bang ba ka thusa joang?

Morali oa bo rona ea holileng ea tsamaeang ka wheelchair o ntse a bala Bibele. O ipona a le Paradeiseng a se a le mocha, a tsamaella hole le wheelchair ea hae.

(Sheba serapa sa 13)


BATHO BA BANG BA KA THUSA JOANG?

14. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etela le ho founela batho ba holileng?

14 Etela batho ba holileng ’me u ba founele kamehla. (Baheb. 13:16) Batho ba holileng ba jeoa ke bolutu. Mor’abo rona Camille o re: “Kea tšoenyeha ebile ke halefisoa ke hore ke tlameha ho lula ka tlung letšehare lohle. Kahoo, ke jeoa ke bolutu haholo. Ka linako tse ling, ke ikutloa eka ke tau e tsofetseng e koalletsoeng.” Ha re etela batho ba holileng, rea ba kholisa hore ke ba bohlokoa le hore rea ba rata. Ho ka etsahala hore u kile oa ikemisetsa ho founela kapa ho chakela motho ea holileng phuthehong ea heno empa oa hloleha ho etsa joalo. Kaofela ha rona re phathahane. Kahoo, re ka thusoa ke eng “ho lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life,” tse akarelletsang ho chakela batho ba holileng? (Bafil. 1:10) E le hore u se ke oa lebala, u ka thusoa ke ho ngola mabitso a batho ba holileng phuthehong ea heno le letsatsi leo u tla ba romella molaetsa ka lona kapa ho ba founela. U ka boela oa beha letsatsi leo u tla ba chakela ka lona. U se ke oa nahana hore ho tla itlela feela hore u hopole.

15. Ke lintho life tseo bacha le batho ba holileng ba ka li etsang hammoho?

15 Haeba u sa le mocha, e ka ’na eaba oa ipotsa hore na u ka qoqa ka eng kapa oa etsa’ng le batho ba holileng. U se ke oa nahana ka seo haholo. Uena leka feela ho ba motsoalle oa bona. (Liprov. 17:17) Iphe nako ea ho qoqa le batho ba holileng ka mor’a liboka kapa pele li qala. Mohlomong u ka ba kopa hore ba u bolelle hore na ba rata temana efe kapa ba u qoqele lintho tse qabolang tseo ba ileng ba li etsa ha ba ntse ba hola. U ka boela oa ba mema hore ba tl’o shebella lenaneo la JW Broadcasting® le uena. U ka boela oa ba thusa ka lintho tseo ba sa khoneng ho iketsetsa tsona. Ka mohlala, u ka ba thusa ka ho apdeita lifono tsa bona kapa ho ba daonloudela lingoloa tsa morao-rao. Morali oa bo rona Carol o re: “U ka kopa batho ba holileng hore le etse lintho tseo u li thabelang. Le hoja ke se ke holile, ke ntse ke batla ho thabela bophelo. Ke rata ho ea lishopong, ho ja lireschurenteng le ho intša ke il’o boha popo.” Morali oa bo rona Maira o re: “E mong oa metsoalle ea ka o lilemo li 90. O ntšiea ka lilemo tse 57. Empa hangata kea lebala le hore o ntšiea ka lilemo tse kaalo hobane re tšeha hammoho le ho shebella li-movie hammoho. Ha re e-na le mathata, rea eletsana.”

16. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho felehetsa batho ba holileng ha ba ea ngakeng?

16 Ba felehetse ha ba ea ngakeng. U ka isa motho ea holileng ngakeng ’me ha le le moo, u kene le eena ka ngakeng ho etsa bonnete ba hore ngaka kapa mooki o mo tšoara hantle le ho mo fa thuso eo a e hlokang. (Esa. 1:17) U ka ba oa mo thusa ka hore u ngole litaelo tsa ngaka. Morali oa bo rona ea holileng Ruth o re: “Hangata ha ke ile ke le mong ngakeng, ngaka ha e nkukele hloohong. Lingaka li ka ’na tsa re: ‘Ha u kule, oa iketsisa.’ Empa ha motho e mong a e-na le ’na ho ba le phapang ebile ngaka e ntšoara hantle. Ke leboha bara le barali ba bo rona ba iphang nako ea ho mphelehetsa.”

17. Ke mefuta efe ea tšebeletso eo u ka e etsang le batho ba holileng?

17 Sebetsa le bona tšimong. Batho ba bang ba holileng ha ba sa na matla a ho ea ka ntlo le ntlo. Mohlomong u ka ba kopa hore ba sebetse le uena ha u paka ka toroli. U ka ba oa ba tlela le setulo hore ba lule pel’a toroli. U ka boela oa ba kopa hore ba tsamaee le uena ha u il’o khanna thuto kapa hore le khannele thuto ea hao moo ba lulang teng. Baholo ba ka hlophisa hore seboka sa tšimo se tšoareloe ha mora kapa morali oa bo rona ea holileng, e le hore ho be bonolo hore le bona ba nke karolo. Jehova o thabisoa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang ho bontša hore re hlompha le ho rata batho ba holileng.—Liprov. 3:27; Bar. 12:10.

18. Re tl’o bua ka eng sehloohong se latelang?

18 Re hopolitsoe hore Jehova o rata batho ba holileng ebile o ba nka e le ba bohlokoa. Le rona kaofela re ikutloa joaloka Jehova. Ho hola ha se papali, empa batho ba holileng ba ka lula ba thabile ka thuso ea Jehova. (Pes. 37:25) Haeba u nahana hore u ne u phela hamonate ha u sa le mocha, tseo ke linyane. Hoa khothatsa ho tseba hore bophelo bo monate ka ho fetisisa ke hona bo tlang. Ho thoe’ng ka ba bang ba rona ba hlokometseng e mong oa lelapa ea seng a holile, ngoana kapa motsoalle ea kulang? Motho ea boemong boo a ka etsa’ng hore a lule a thabile? Re tla hlahloba karabo ea potso eo sehloohong se latelang.

U KA RE’NG?

  • Ke lintho life tse ka etsang hore ho be thata hore batho ba holileng ba lule ba thabile?

  • Batho ba holileng ba ka etsa’ng hore ba lule ba thabile?

  • Re ka thusa batho ba holileng joang ka phuthehong?

PINA EA 30 Jehova ke Ntate, Molimo le Motsoalle oa Ka

a Shebella video ea Ba Hōlileng—Le Etsa Mosebetsi oa Bohlokoa ho JW Library® le ho jw.org/st.

b TLHALOSO: Thabo ke tholoana ea moea oa Molimo. (Bagal. 5:22) Motheo oa thabo ea sebele ke ho ba le kamano e haufi le Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela